Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 18 maq. 30-31
  • E-ba Motsoalle oa Molimo ka ho sa Feleng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Motsoalle oa Molimo ka ho sa Feleng!
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • U se ke Ua Lahleheloa ke Morero oa Tokoloho e Fanoeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 18 maq. 30-31

Thuto ea 18

E-ba Motsoalle oa Molimo ka ho sa Feleng!

Ho etsa motsoalle ho hloka boiteko; ho boloka motsoalle ho hloka boiteko. Boiteko ba hao ba ho ba motsoalle oa Molimo le ho lula u le eena bo tla hlohonolofatsoa haholo. Jesu o ile a re ho ba neng ba lumela ho eena: “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Seo se bolela’ng?

U ka thabela tokoloho hona joale. U ka lokoloha lithutong tsa bohata le mashanong a ’nileng a jaloa ke Satane. U ka lokoloha ho hlokeng tšepo ho tletseng bophelong ba batho ba limilione ba sa tsebeng Jehova. (Baroma 8:22) Metsoalle ea Molimo e lokolohile le tabeng ea ho “tšaba lefu.”—Baheberu 2:14, 15.

U ka thabela tokoloho lefatšeng le lecha la Molimo. U ka thabela tokoloho e babatsehang hakaakang nakong e tlang! Lefatšeng la Paradeise batho ba tla lokoloha ntoeng, boloetseng le tlōlong ea molao. Ba lokolohe bofumeng le tlaleng. Ba lokolohe botsofaling le lefung. Ba lokolohe tšabong, khatellong le leemeng. Bibele e re ka Molimo: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 145:16.

Metsoalle ea Molimo e tla phela ka ho sa feleng. Bophelo bo sa feleng ke mpho ea bohlokoa eo Molimo a tla e fa bohle ba batlang botsoalle ba hae. (Baroma 6:23) Nahana feela hore na bophelo bo sa feleng bo tla bolela’ng ho uena!

U tla ba le nako ea ho etsa lintho tse ngata. Mohlomong u tla rata ho ithuta ho letsa seletsa. Kapa mohlomong u batla ho ithuta ho etsa litšoantšo tsa pente kapa ho ithuta ho betla mapolanka. U ka ’na ua lakatsa ho ithuta liphoofolo kapa limela. Kapa mohlomong u batla ho eta le ho bona libaka le batho ba sa tšoaneng. Ho ba le bophelo bo sa feleng ho tla nolofatsa lintho tsena kaofela!

U tla ba le nako ea ho etsa metsoalle e mengata. Ho phela ka ho sa feleng ho tla u nolofalletsa ho tseba ba bang ba bangata ba fetohileng metsoalle ea Molimo. U tla tseba litalenta tsa bona le litšoaneleho tsa bona tse ntle, ’me le bona e tla ba metsoalle ea hao. U tla ba rata, ’me le bona ba tla u rata. (1 Bakorinthe 13:8) Ho ba le bophelo bo sa feleng ho tla u fa nako ea ho ba motsoalle oa motho e mong le e mong ea lefatšeng! Ho molemo ka ho fetisisa, ha ho ntse ho feta makholo a lilemo, setsoalle sa hao le Jehova se tla ’ne se tiee ho ea pele. E se eka u ka ba motsoalle oa Molimo ka ho sa feleng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela