KAROLO 6
Re Ithuta’ng Moroallong o Moholo?
Molimo o ile a timetsa batho ba khopo empa o ile a pholosa Noe le ba lelapa la hae. Genese 7:11, 12, 23
Ho ile ha na pula ka matsatsi a 40 le masiu a 40, ’me metsi a ile a koahela lefatše lohle. Batho bohle ba khopo ba ile ba shoa.
Mangeloi a marabele a ile a hlobola ’mele ea ’ona ea nama eaba a fetoha bademona.
Batho ba neng ba le ka arekeng ba ile ba pholoha. Le hoja Noe le ba lelapa la hae ba ile ba qetella ba shoele, Molimo o tla ba tsosa bafung e le hore ba tl’o phela ka ho sa feleng.
Molimo o tla boela a timetse batho ba khopo ’me a pholose ba lokileng. Matheu 24:37-39
Satane le bademona ba ntse ba tsoela pele ho khelosa batho.
Joaloka mehleng ea Noe, kajeno batho ba bangata ha ba mamele tataiso ea Jehova e lerato. Haufinyane Jehova o tla timetsa batho bohle ba khopo.—2 Petrose 2:5, 6.
Batho ba bang ba tšoana le Noe. Ba mamela Molimo ’me ba etsa seo a reng ba se etse; batho bao ke Lipaki Tsa Jehova.