Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 khao. 30 maq. 212-220
  • Na Ehlile re se re Loketse Lenyalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ehlile re se re Loketse Lenyalo?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lenyalo le ke le Hlomphehe”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lenyalo la Hao le ka Pholosoa!
    Tsoha!—2001
  • Ho Tloaelana ho Feta Tekanyo
    Tsoha!—2013
  • Kamoo U ka Etsang Hore Lenyalo la Hao le Atlehe
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 khao. 30 maq. 212-220

Khaolong ea 30

Na Ehlile re se re Loketse Lenyalo?

U fumane motho ea u tšoanelang, ’me e se e le khale le intša hoo u tsebang hore lea ratana. Hoa bonahala hore joale le se le le haufi le ho nyalana. Na ha ho joalo? Ha u le mothating oa ho etsa qeto e tebileng joalo bophelong, u qala ho ipotsa . . . 

Na ehlile re se re loketse lenyalo?

HO TLOAELEHILE hore batho ba be le lipelaelo ka lenyalo—esita le haeba ba ratana. Kaha manyalong a mangata ha ho na thabo ebile tlhalo e ntse e phahama ka sekhahla, hoa utloahala hore ebe u batla ho hata ka bohlale ha u ntse u nahana ka mohato ona o tla fetola bophelo ba hao. U ka tseba joang haeba u se u loketse ho kena lenyalong? Joale ke habohlokoa hore u tlohele litoro leha e le life tseo e ka ’nang eaba u ne u e-na le tsona ka lenyalo ’me u shebe lintho ka tsela ea sebele. Ka mohlala:

TORO EA 1 “Re itlhokela lerato feela bophelong.”

Seo e leng ’nete: Lerato ha le na ho le lefella likoloto kapa ho le sireletsa mathateng a lichelete. Ha e le hantle, bafuputsi ba fumane hore chelete ke sesosa se ka sehloohong sa liqabang manyalong le se bileng se etsang hore banyalani ba qetelle ba hlalane. Ho ba le pono e sa leka-lekanang ka chelete ho ka le lematsa moeeng le maikutlong ’me ha senya kamano ea lōna. (1 Timothea 6:9, 10) U ithuta’ng ho see? Buisanang ka tsela eo le tla sebelisa chelete ka eona, le pele le nyalana!

Bibele e re: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo?”—Luka 14:28.

Tlhahiso: Buisana le motho eo u rerang ho nyalana le eena ka tsela eo le tla sebetsana le litaba tsa lichelete ka eona ’me le buisane ka seo hona joale—pele le nyalana. (Liproverbia 13:10) Tšohlang lipotso tse kang: Re tla etsa moralo oa tšebeliso ea chelete joang? Na re tla kopanela ak’haonte ea banka kapa e mong le e mong o tla ba le ea hae? Ke mang ho rōna ea tla khona ho boloka tlaleho ea lichelete le ho bona hore likoloto lia lefelloa?a E mong a ka sebelisa chelete e kae ho reka lintho a sa bolella e mong? Hona joale ke nako ea hore le qale ho etsa lintho le le thimi!—Moeklesia 4:9, 10.

TORO EA 2 “Re tlil’o ba banyalani ba tšoanelanang, kaha re lumellana linthong tsohle—ha ho mohla re sa lumellaneng!”

Seo e leng ’nete: Haeba le lula le lumellana, mohlomong ke hobane le bile hlokolosi ho qoba lintlha tseo le ka ’nang la se ke la lumellana ho tsona. Empa ha le se le nyalane, le tla tlameha ho bua ka tsona! Ha e le hantle, ha ho na batho ba babeli ba sa phethahalang ba tšoanelanang ka ho feletseng, kahoo joang kapa joang le tla ba le liqabang. (Baroma 3:23; Jakobo 3:2) Ha ua lokela ho nahana feela ka hore na le lumellana hantle hakae empa u lokela ho nahana le ka se etsahalang ha le sa lumellane. Lenyalo le tšoarellang ke la batho ba babeli ba lumelang pepenene hore ba na le qabang ’me ba leka ho e rarolla ka khotso le ka tsela e bontšang hore ba hōlile tsebong.

Bibele e re: “Le se ke la robala le halefile.”—Baefese 4:26, Contemporary English Version.

Tlhahiso: Nahana ka hloko ka seo u ’nileng ua se etsa ha u qabane le batsoali ba hao le banab’eno. Etsa chate e kang e leqepheng la 93 bukeng ena kapa e leqepheng la 221 Bukeng ea 2. Bolela lintho tse ileng tsa le qabanya, kamoo u ileng ua itšoara kateng le hore na mohlomong u ka be u ile ua etsa’ng e molemonyana. Ka mohlala, haeba u nkoa ke pelo ha u qabane le ba bang, ebe u ea kamoreng ea hao, u khahlela lemati u halefile, ngola hore na u ka etsa’ng e molemonyana—e leng se tla u thusa ho rarolla bothata ho e-na le ho bo mpefatsa. Haeba u ithuta ho itšoara hantle ha u qabane le ba bang, u tla fumana tsebo ea bohlokoa, e hlokahalang hore ho be le thabo lenyalong.

TORO EA 3 “Ha ke se ke le lenyalong, litakatso tsohle tsa ho kopanela liphate tseo ke nang le tsona li tla khotsofatsoa.”

Seo e leng ’nete: Ho ba lenyalong ha ho bolele hore u tla kopanela liphate neng kapa neng feela ha u batla. Hopola hore molekane oa hao ke motho ea nang le maikutlo ao u lokelang ho a nahanela. Ha e le hantle, ka linako tse ling molekane oa hao o tla ikutloa a se moeeng oa ho kopanela liphate. Ho ba lenyalong ha ho u fe tokelo ea ho tsitlella hore litlhoko tsa hao li khotsofatsoe. (1 Bakorinthe 10:24) ’Nete ke hore boitšoaro ke ba bohlokoa haholo ha motho e le lesoha le ha a le lenyalong.—Bagalata 5:22, 23.

Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.”—1 Bathesalonika 4:4, 5.

Tlhahiso: Lekola ka hloko takatso le likhopolo tseo u nang le tsona mabapi le ho kopanela liphate ’me u nahane hore na lintho tsena li ka ’na tsa ama lenyalo la lōna joang nakong e tlang. Ka mohlala, na u lemaletse tloaelo e bontšang boithati ea ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali? Na u tloaetse ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso? Na u na le mahlo a bochalachala, ka hore ka ho ikutsoa u shebe batho ba bong bo fapaneng ka ho ba lakatsa? Ipotse, ‘Haeba ke thatafalloa ho laola takatso ea ho kopanela liphate pele ke kena lenyalong, ke tla khona joang ho e laola ha ke se ke le lenyalong?’ (Matheu 5:27, 28) Taba e ’ngoe ke hore: Na u ’nile ua itloaetsa ho bapala ka maikutlo a lerato a ba bang, ebe u tsejoa ka hore u rabanana? Haeba ho joalo, u rera ho etsa’ng e le hore u khaotse mokhoa oo ha u se u le lenyalong, nakong eo u tla beng u lokela ho bontša lerato ho motho a le mong feela—e leng molekane oa hao?—Liproverbia 5:15-17.

TORO EA 4 “Lenyalo le tla etsa hore ke thabe.”

Seo e leng ’nete: Hangata motho ea sa thabang ha e le lesoha, o ntse a sa thabe le ha a le lenyalong. Hobane’ng? Hobane ntho e etsang hore motho a thabe bophelong ke tsela eo a talimang lintho ka eona, eseng maemo ao a leng ho ’ona. (Liproverbia 15:15) Batho ba atisang ho ingamangama bophelong, hangata ba tsepamisa maikutlo linthong tse sieo kamanong ea bona ho fapana le ho a tsepamisa ho tse teng. Ho molemo hore ha u ntse u le lesoha u hlaolele ho ba le boikutlo bo botle le ho bo hōlisa. Joale ha u se u le lenyalong, u tla bontša litšobotsi tse ntle ’me u thuse le molekane oa hao ho etsa joalo.

Bibele e re: “Ho molemo hore u khotsofalle seo u nang le sona ho e-na le hore u lule u batla lintho tse ling.”—Moeklesia 6:9, Today’s English Version.

Tlhahiso: Ka linako tse ling, maikutlo a nyahamisang a bakoa ke ho lebella lintho tseo e seng tsa sebele. Leqepheng le ka thōko, ngola lintho tse peli kapa tse tharo tseo u li lebeletseng lenyalong. Li bale ebe ua ipotsa: ‘Na lintho tseo ke li lebeletseng ke tsa sebele kapa ke litoro feela? Na ke susumelitsoe ke ba mecha ea phatlalatso, mohlomong ka lifilimi kapa libuka tsa lerato? Na seo ke se lebeletseng lenyalong ke hore na le tla nketsetsa eng—mohlomong ho ntlosa bolutu, ho khotsofatsa takatso ea ka ea ho kopanela liphate le ho etsa hore ke hlahe hantle bathong?’ Haeba ho joalo, u tla lokela hore u khaotse ho nahana ka uena feela ’me u qale ho nahana le ka molekane oa hao oa ka moso. E le ho u thusa ho etsa seo, ngola lintho tse peli kapa tse tharo tseo u li lebeletseng lenyalong tse amang uena le molekane oa hao oa ka moso.

Litoro tse boletsoeng ka holimo tseo batho ba nang le tsona ka lenyalo, li ka u sitisa hore u thabe lenyalong. Kahoo, leka hore u se ke ua nahana ka lintho tseo, ho e-na le hoo u talime lintho ka tsela ea sebele. Lipotso tse leqepheng la 216 le la 217 li ka u thusa le molekane oa hao oa ka moso ha le ntse le lebeletse ka thabo seo e ka bang e ’ngoe ea litlhohonolofatso tse khōlō ka ho fetisisa bophelong—e leng lenyalo le nang le thabo!—Deuteronoma 24:5; Liproverbia 5:18.

KHAOLONG E LATELANG

Ha mohlankana le moroetsana ba arohana, eo e ka ba taba e utloisang bohloko haholo. U ka sebetsana le boemo boo joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Liproverbia 31:10-28 e hlalosa hore “mosali ea nang le bokhoni” o phetha mesebetsi e mengata ea bohlokoa e amanang le lichelete tsa lelapa. Sheba temana ea 13, 14, 16, 18 le ea 24.

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.”—Genese 2:24.

KELETSO

Buisanang le banyalani ba hōlileng, le ba botse hore na ba ka eletsa banyalani ba bacha joang hore ba atlehe lenyalong la bona.—Liproverbia 27:17.

NA U NE U TSEBA . . . ?

Lenyalong le atlehileng, monna le mosali ba tšoarana joaloka metsoalle, ba buisana hantle ’me ba talima kamano ea bona e le tlamahano ea bophelo bohle.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Tšobotsi eo ke lokelang ho e ntlafatsa hona joale e tla nthusa hore ke hōlise lerato la ka ho molekane oa ka oa ka moso, ke ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Linaheng tse ling, manyalo a mangata a fella ka tlhalo. U nahana hore lebaka la seo ke lefe?

● Ho na le likotsi life haeba u kena lenyalong hore feela u balehe bophelo bo sa thabiseng lapeng?

● Ke hobane’ng ha e tla ba habohlokoa hore le phele ka melao-motheo ea Bibele ha le se le nyalane?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 220]

“Lenyalo hase papali. Ke habohlokoa hore u tsebe hore na u ikenya ho eng le hore u tsebe motho eo u nyalanang le eena.”—Audra

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 216, 217]

Lintlha Tseo U li Ngotseng

Na u se u Loketse ho Kena Lenyalong?

Nahana ka lipotso tse botsitsoeng maqepheng a mabeli a latelang. U ka ’na ua sebelisa lintlha tse maqepheng ana e le motheo oa seo le ka buisanang ka sona le molekane oa hao oa ka moso. Tiisang hore le phetla mangolo a bontšitsoeng.

Litaba Tsa Lichelete

◻ Maikutlo a hao ke afe ka chelete?—Baheberu 13:5, 6.

◻ U bontša ka litsela life hore u se u ntse u khona ho sebelisa chelete ka tsela e nang le boikarabelo?—Matheu 6:19-21.

◻ Na hona joale u na le likoloto? Haeba u na le tsona, u etsa’ng hore u li lefelle?—Liproverbia 22:7.

◻ Litšenyehelo tsa lechato la lōna e tla ba bokae? Haeba ho hlokahala hore le kene sekolotong, le ikemiselitse ho etsa se sekae?—Luka 14:28.

◻ Na ho tla hlokahala hore le sebetse ka bobeli ha le se le nyalane? Haeba ho joalo, le tla etsa’ng haeba le tsamaea ka linako tse sa tšoaneng ’me le hloka sepalangoang?—Liproverbia 15:22.

◻ Le tla lula hokae? Litšenyehelo tsa rente, lijo, liaparo le lintho tse ling e tla ba bokae, hona le tla li lefella joang?—Liproverbia 24:27.

Litaba Tsa Lelapa

◻ U phelisana joang le batsoali ba hao le banab’eno?—Exoda 20:12; Baroma 12:18.

◻ Hona joale u rarolla liqabang joang lapeng?—Bakolose 3:13.

◻ Haeba u moroetsana, u bontša ka litsela life hore u na le “moea o thōtseng le o bonolo”?—1 Petrose 3:4.

◻ Na le rera ho ba le bana? (Pesaleme ea 127:3) Haeba ha ho joalo, le tla sebelisa mokhoa ofe oa ho thibela pelehi?

◻ Haeba u mohlankana, u rera ho etella pele joang tabeng ea ho hlokomela lelapa la hao moeeng?—Matheu 5:3.

Mekhoa ea Hao

◻ U bontšitse ka litsela life hore u motho ea mahlahahlaha?—Liproverbia 6:9-11; 31:17, 19, 21, 22, 27.

◻ U bontšitse joang hore u na le moea oa boitelo?—Bafilipi 2:4.

◻ Haeba u mohlankana, u bontša joang hore u etsisa Kreste tabeng ea ho sebelisa matla a bolaoli?—Baefese 5:25, 28, 29.

◻ Haeba u moroetsana, ke’ng e bontšang hore u ka ikokobelletsa ba nang le matla a bolaoli?—Baefese 5:22-24.

[Setšoantšo se leqepheng la 219]

U se ke ua ikakhela feela lenyalong, empa u sa tsebe seo u ikenyang ho sona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela