Molaetsa o Eang ho Batsoali
Ke mpho efe e molemo ka ho fetisisa eo le ka e fang bana ba lōna? Ho na le lintho tse ngata tseo ba li hlokang, tse akarelletsang lerato, tataiso le tšireletso ea lōna. Empa mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo le ka ba fang eona ke ho ba ruta ka Jehova le linnete tse ka Lentsoeng la hae, Bibele. (Johanne 17:3) Tsebo ea mofuta oo e ka etsa hore bana ba hōle ba rata Jehova ebile ba batla ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa bona, ho tloha bonyenyaneng.—Matheu 21:16.
Batsoali ba bangata ba hlokometse hore bana ba banyenyane ba khona ho mamela ha ba rutoa ba bile ba etsisoa lintho ka nako e khutšoanyane. Re thabela ho le fa bukana ena ea Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng. Thuto ka ’ngoe e etselitsoe ho ruta ngoana ka tsela e bonolo. Bukana ena le litšoantšo tse ka ho eona li etselitsoe ka ho khetheha bana ba lilemo li tharo ho ea tlaase. Ho fanoe ka litlhahiso tsa lintho tseo le ka li etsang hammoho le bona. Bukana ea Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng hase ntho e bapalisang bana. Ho e-na le hoo, e etselitsoe hore le e bale le bana ba lōna, e le ho le thusa hore le buisane le bona.
Re kholisehile hore bukana ena e tla le thusa ho ruta bana linnete tsa Bibele “ho tloha boseeng.”—2 Timothea 3:14, 15.
Barab’abo lōna,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 3]