Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yc thuto 7 maq. 16-17
  • Na U Kile Ua Ikutloa U se na Metsoalle U Bile U Tšohile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Kile Ua Ikutloa U se na Metsoalle U Bile U Tšohile?
  • Ruta Bana ba Hao
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U ke U Ikutloe Eka ha U Tsotelloe ’me U Lula U Tšohile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Ruta Bana ba Hao
yc thuto 7 maq. 16-17
Moshanyana o bonahala a se na motsoalle ebile o tšohile

Thuto ea 7

Na U ee U Ikutloe U se na Metsoalle Ebile U Tšohile?

Sheba moshanyana eo ea setšoantšong. O bonahala a se na metsoalle ebile a tšohile, na ha ho joalo? Na ho na le mohla u kileng ua ikutloa joalo?— Ka linako tse ling batho bohle ba ikutloa ka tsela eo. Bibele e bua ka batho ba neng ba sebeletsa Jehova bao le bona ba ileng ba ikutloa ba se na metsoalle ebile ba tšohile. E mong oa bona e ne e le Elia. A re ke re ithute ka eena.

Mofumahali Jezebele o hoeletsa ka khalefo

Jezebele o ne a batla ho bolaea Elia

Elia o ne a lula Iseraele, nako e telele pele Jesu a hlaha. Morena oa Iseraele, Akabe o ne a sa rapele Molimo oa ’nete, Jehova. Akabe le mosali oa hae, Jezebele ba ne ba rapela molimo oa bohata, Baale. Batho ba bangata ba Iseraele ba ile ba qala ho rapela Baale. Mofumahali Jezebele o ne a tšoara batho hampe haholo ’me o ne a batla ho bolaea batho ba neng ba rapela Jehova, hammoho le Elia! Na ua tseba hore na Elia o ile a etsa eng?—

Elia o ile a baleha! O ile a balehela lefeeleng ’me a ipata ka lehaheng. U nahana ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo?— E, o ne a tšohile. Empa Elia o ne a sa tlameha ho tšoha letho. Hobane’ng? Hobane o ne a tseba hore Jehova o tla mo thusa. Jehova o kile a bontša Elia hore o na le matla a maholo. Ka letsatsi le leng, Jehova o ile a arabela thapelo ea Elia ka hore a romele mollo o tsoang leholimong. Ho ne ho hlakile hore Jehova o ne a tla thusa Elia.

Jehova o arabela thapelo ea Elia ka hore a romele mollo ho tsoa leholimong; Elia ka lehaheng; Elia o ikutloa a thabile ka mor’a hore a khothatsoe ke mantsoe a Jehova

Jehova o ile a thusa Elia joang?

Ha Elia a ntse a le ka lehaheng, Jehova o ile a bua le eena ’me a mo botsa: ‘U etsa eng mona?’ Elia o ile a araba: ‘Ke ’na feela ea ntseng a u sebeletsa. Ke setse ke le mong feela, ebile ke tšaba hore ba tla mpolaea.’ Elia o ne a nahana hore barapeli ba bang ba Jehova ba bolailoe kaofela. Empa Jehova o ile a re ho Elia: Che, seo hase ’nete. Ho na le batho ba bang ba 7 000 ba ntseng ba ntšebeletsa. U se ke ua tšoha. Ho na le mosebetsi o mongata oo ke batlang hore u o etse!’ Na u nahana hore Elia o ile a thaba ha a utloa seo?—

U ka ithuta eng ho se etsahetseng ka Elia?— Ha ho hlokahale hore u tšohe le hore u ikutloe eka ha u na metsoalle. U na le metsoalle e ratang Jehova le e u ratang. Hape, Jehova o na le matla ’me o tla u thusa ka linako tsohle! Na ua thaba ha u utloa hore ha ho hlokahale hore u ikutloe eka ha u na metsoalle?—

BIBELENG EA HAO BALA

  • 1 Marena 19:3-18

  • Pesaleme ea 145:18

  • 1 Petrose 5:9

U nahana hore o ikutloa joang?

  • Jezebele o ne a batla ho bolaea Elia

  • LIPOTSO:

  • Na batho ba bangata ba ne ba rapela Jehova mehleng ea Elia? Ba ne ba rapela mang?

  • Ke hobane’ng ha Elia a ile a baleha ’me a ipata lehaheng?

▪ Jehova o ile a bolella Elia eng?

▪ Re ka ithuta eng ho se etsahetseng ho Elia?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela