Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 84-85
  • Letsoalo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsoalo
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 84-85

Letsoalo

Ke’ng e bontšang hore Jehova o file batho bohle matsoalo?

Bar 2:​14, 15

Sheba le 2Ko 4:2

Ho ka etsahala’ng ka letsoalo la motho ea tloaetseng ho etsa lintho tse fosahetseng?

1Ti 4:2; Tit 1:15

Sheba le Heb 10:22

Na ho lekane ho lumela feela hore re etsa lintho tse nepahetseng?

Joh 16:​2, 3; Bar 10:​2, 3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 18:​1-3; 19:​1, 2—Jehova o ile a halefela Morena Josafate hobane a ile a thusa Morena Akabe ea khopo

    • Lik 22:​19, 20; 26:​9-11—Pele moapostola Pauluse o ne a nahana hore ho ne ho nepahetse ho hlorisa le ho bolaea barutuoa ba Kreste

Ke joang re ka koetlisang matsoalo a rona hamolemo?

2Ti 3:​16, 17; Heb 5:14

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • 1Sa 24:​2-7—Letsoalo le ile la susumeletsa Morena Davida hore a hlomphe motlotsuoa oa Jehova e leng Morena Saule

Ke joang baetsalibe ba ka bang le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo?

Ef 1:7; Heb 9:14; 1Pe 3:21; 1Jo 1:​7, 9; 2:​1, 2

Sheba le Tše 1:5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Esa 6:​1-8—Jehova o ile a kholisa moprofeta Esaia hore libe tsa hae li tšoaretsoe

    • Tše 7:​9-14—Batho ba bongata bo boholo ba na le setsoalle se haufi-ufi le Jehova ka lebaka la ho hloekisoa ka sehlabelo sa Kreste

Ke hobane’ng ha re lokela ho latela tataiso ea matsoalo a koetlisitsoeng ka Lentsoe la Molimo?

Lik 24:​15, 16; 1Ti 1:​5, 6, 19; 1Pe 3:16

Sheba le Bar 13:5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 2:25; 3:​6-13—Adama le Eva ba ile ba hatella matsoalo a bona ’me hamorao ba hlajoa ke lihlong hobane ba sa ka ba mamela Molimo

    • Ne 5:​1-13—’Musisi Nehemia o ile a tsosolosa matsoalo a Bajuda ba neng ba sa latele molao oa Molimo ebile ba batla tsoala e ngata ho bana babo bona

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra fokolisa matsoalo a Bakreste-’moho le rona a e-s’o ka a koetlisoa hantle?

1Ko 8:​7, 10-13; 10:​28, 29

Re lokela ho sebeletsa hore matsoalo a rona a be joang?

2Ko 1:12; 2Ti 1:3; Heb 13:18

Sheba le Lik 23:1; Bar 9:1; 1Ti 3:​8, 9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela