Ho Fuoa Keletso le ho Fana ka Eona
Ha re eletsoa
Ke hobane’ng ha re lokela ho batla likeletso ka Bibeleng?
Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela keletso ho e-na le ho ikemela?
Sheba le Pr 1:23-31; 15:31
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 15:3, 9-23—Morena Saule ha aa ka a amohela khalemelo e tsoang ho moprofeta Samuele, ho e-na le hoo o ile a ikemela e leng se ileng sa etsa hore Jehova a se hlole a mo amohela
2Kr 25:14-16, 27—Ha moprofeta oa Jehova a ne a fa Morena Amazia keletso mabapi le sebe seo a neng a se entse, morena ha aa ka a mo mamela. Taba ena e ile ea etsa hore Jehova a se ke a amohela Amazia le ho mo sireletsa
Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha ba re etellang pele ha ba re eletsa?
1Th 5:12; 1Ti 5:17; Heb 13:7, 17
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
3Jo 9, 10—Moapostola Johanne o ile a khalemela Diotrefe ea neng a sa hlomphe ba etellang pele ka phuthehong ea Bokreste
Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela batho ba holileng?
Sheba le Job 12:12; 32:7; Tit 2:3-5
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 23:16-18—Morena Davida o ile a mamela ha Jonathane ea neng a le moholo ho eena ka lilemo tse ka bang tse 30 a mo eletsa ’me keletso eo e ile ea mo matlafatsa
1Ma 12:1-17—Morena Roboame ha aa ka a mamela keletso e molemo ea banna ba baholo ho e-na le hoo o ile a mamela keletso e khopo ea bahlankana bao a hotseng le bona e leng se ileng sa baka tlokotsi
Ke eng e bontšang hore basali ba tšepahalang le bahlanka ba banyenyane ba Jehova ba ka fana ka likeletso tse molemo?
Job 32:6, 9, 10; Pr 31:1, 10, 26; Moe 4:13
Sheba le Ps 119:100
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 25:14-35—Abigaile o ile a fa Morena Davida keletso e ileng ea etsa hore a se ke a bolaea batho ba bangata ba se nang molato
2Sa 20:15-22—Mosali ea bohlale ea neng a lula motseng oa Abele o ile a sireletsa motse oo ka keletso eo a ileng a fana ka eona
2Ma 5:1-14—Ngoanana e monyenyane oa Moiseraele o ile a bolella lesole le matla hore na le ne le lokela ho etsa’ng e le hore le ka folisoa lepera
Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra mamela likeletso tsa batho ba sa hlompheng Jehova le Lentsoe la hae?
Sheba le Lu 6:39
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Kr 10:13, 14—Ho e-na le hore Morena Saule a kope thuso ho Jehova o ile a e kopa ho motho ea buisanang le balimo ’me sena se ile sa etsa hore a shoe ka lebaka la hore o ne a sa tšepahalla Jehova
2Kr 22:2-5, 9—Morena Akazia o ile a shoa ka lebaka la ho mamela likeletso tse khopo
Job 21:7, 14-16—Jobo o ile a hana ho nahana joaloka batho ba sa hlompheng Jehova
Ha u fana ka keletso
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore pele re fana ka keletso re mamele, re fumane lintlha kaofela re be re utloe mahlakore kaofela?
Sheba le Pr 25:8
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 1:9-16—Moprista ea Phahameng Eli o ile a khalemela Anna ka matla a sa tsebe lintlha kaofela hobane feela a ne a nahana hore mosali eo ea tšepahalang o tahiloe
Mat 16:21-23—Kaha moapostola Petrose o ne a se na lintlha kaofela, o ile a khothalletsa Jesu hore a etse seo Satane a neng a batla hore a se etse ho e-na le ho etsa seo Jehova a se batlang
Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Jehova pele re fana ka keletso?
Ps 32:8; 73:23, 24; Pr 3:5, 6
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ex 3:13-18—Moprofeta Moshe o ile a botsa Jehova hore na a tle a arabe Baiseraele joang ha ba ka mo botsa lipotso
1Ma 3:5-12—Jehova o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone ha a sa le mocha hobane o ile a mo kopa bohlale ho e-na le ho itšepa
Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa bonnete ba hore keletso eo re fanang ka eona e tsoa ka Lentsoeng la Molimo?
Ps 119:24, 105; Pr 19:21; 2Ti 3:16, 17
Sheba le De 17:18-20
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mat 4:1-11—Jesu o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo ho araba Satane ho e-na le ho tšepa bohlale ba hae
Joh 12:49, 50—Re lokela ho etsisa Jesu kaha lintho tseo a neng a li ruta batho ke lintho tseo a neng a li rutiloe ke Ntate oa hae
Ke hobane’ng ha re lokela ho babatsa motho ka lintho tse ntle tseo a li etsang le ho ba mosa ha re mo fa keletso?
Sheba le Esa 9:6; 42:1-3; Mat 11:28, 29
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Kr 19:2, 3—Jehova o ile a sebelisa moprofeta ho khalemela Morena Josafate empa o ile a boela a mo babatsa ka lintho tse ntle tseo a neng a li entse
Tše 2:1-4, 8, 9, 12-14, 18-20—Jesu o ile a babatsa liphutheho tse ’maloa pele a li khalemela
Ke hobane’ng ha re lokela ho bolella Mokreste-’moho hore a lokise litaba le mor’abo eo a reng o mo sebelitse ka bolotsana kapa o mo sentse lebitso?
Sheba le Le 19:17
Ke joang re ka khothaletsang Mokreste ea utloang a sebelitsoe hampe hore a be mosa, a be le mamello le hore e be ea tšoarelang?
Mat 18:21, 22; Mar 11:25; Lu 6:36; Ef 4:32; Kol 3:13
Sheba le Mat 6:14; 1Ko 6:1-8; 1Pe 3:8, 9
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Mat 18:23-35—Jesu o ile a etsa mohlala o matla o bontšang hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re tšoarele
Ke hobane’ng ha re lokela ho emela se nepahetseng ha re fana ka khalemelo?
Ps 141:5; Pr 17:10; 2Ko 7:8-11
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 15:23-29—Moprofeta Samuele ha aa ka a tšaba ho khalemela Morena Saule
1Ma 22:19-28—Le hoja moprofeta Mikaia a ne a tšosoa a bile a tšoaroa hampe, ha aa ka a fetola molaetsa oo a neng a o tliselitse Morena Akabe
Ke joang re ka fanang ka khalemelo e ke keng ea fokolisa tumelo ea motho?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Lu 22:31-34—Jesu o ne a kholisehile hore le hoja moapostola Petrose a ile a etsa liphoso, o ne a tla li lokisa ’me a tsoele pele ho thusa batho ba bang hore ba sebeletse Jehova
Flm 21—Moapostola Pauluse o ne a kholisehile hore Filemone o tla sebelisa keletso e thehiloeng Mangolong eo a neng a mo file eona