Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 22-23
  • Boinehelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boinehelo
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 22-23

Boinehelo

Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re inehela ho Jehova Molimo?

De 6:5; Lu 10:​25-28; Tše 4:11

Sheba le Ex 20:5

Re lokela ho ba le pono efe ka Bibele haeba re batla ho sebeletsa Molimo?

Ps 119:105; 1Th 2:13; 2Ti 3:16

Sheba le Joh 17:17; Heb 4:12

Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela tsela eo Molimo a e sebelisang ho re thusa hore re qobe ho etsa libe?

Joh 14:6; Lik 4:12; Bar 3:23; Gal 1:4; Ef 1:7

Ke’ng eo re lokelang ho e etsa ho bontša hore re baketse lintho tse mpe tseo re neng re li etsa pele?

Lik 3:19; 26:20

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lu 19:​1-10—Zakiase eo e neng e le ’mokelli oa lekhetho o ile a bakela ho se tšepahale ’me a fana ka chelete eo a neng a e nketse batho ba bang ka bolotsana

    • 1Ti 1:​12-16—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa kamoo a ileng a tlohela bophelo ba boetsalibe le kamoo a ileng a tšoareloa libe tseo ka lebaka la mohau oa Molimo le oa Kreste

Ho e-na le hore feela re khaotse ho etsa lintho tse fosahetseng, ke eng hape eo re lokelang ho e etsa?

Bar 12:​1, 2; Ef 4:​17, 18, 22-24; 1Th 1:9

E le hore re ka sebeletsa Molimo ka tsela eo a e amohelang, ke melao efe ea boitšoaro eo re lokelang ho e mamela?

1Ko 6:​9-11; Kol 3:​5-9; 1Pe 1:​14, 15; 4:​3, 4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ko 5:​1-13—Moapostola Pauluse o ile a laela phutheho ea Korinthe hore e khaole monna ea neng a tloaetse ho etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano

    • 2Ti 2:​16-19—Moapostola Pauluse o ile a lemosa Timothea hore a se ke a mamela lipuo tsa bakoenehi, tse neng li ata joaloka seso se kotsi

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšehetsa mebuso ea lefatše lee?

Esa 2:​3, 4; Joh 15:19

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Joh 6:​10-15—Ka mor’a hore Jesu a fepe letšoele ka mohlolo, batho ba ile ba batla ho mo etsa morena leha ho le joalo Jesu o ile a tloha ho bona

    • Joh 18:​33-36—Jesu o ile a re ’Muso oa hae ha se karolo ea mebuso ea batho

Moea o halalelang o re thusa joang hore re sebeletse Molimo?

Joh 16:13; Gal 5:​22, 23

Sheba le Lik 20:28; Ef 5:18

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lik 15:​28, 29—Moea o halalelang o ile oa tataisa sehlopha se busang se neng se le Jerusalema ho etsa qeto ea bohlokoa e mabapi le lebollo

Ke joang re ka etsisang tsela eo Jesu Kreste a neng a sebeletsa Molimo ka eona?

Mat 22:37; Joh 4:34; 6:38; Heb 10:​8, 9

Ke hobane’ng ha batho ba inehetseng ho Jehova ba lokela ho kolobetsoa?

Mat 28:​19, 20; Lik 2:​40, 41; 8:12; 1Pe 3:21

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 3:​13-17—Jesu o ne a tletse ho tla etsa thato ea Ntate oa hae lefatšeng ’me o ile a bontša seo ha a ne a kolobetsoa

    • Lik 8:​26-39—Letona la Moethiopia le neng le rapela Jehova le ile la batla ho kolobetsoa ka mor’a ho bolelloa litaba tse monate ka Jesu Kreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela