Ho Soetseha
Ho soetseha ha batho ba bang ba re utloisitse bohloko kapa ba sa re tšepahalla
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 8:1-6—Moprofeta Samuele o ile a utloa bohloko le ho soetseha ha Baiseraele ba ne ba mo phehella hore a ba khethele morena
1Sa 20:30-34—Jonathane o ne a utloile bohloko a bile a ikutloa a tlotlolotsoe ke ntate oa hae Saule ka hore ebe o ile a mo halefela haholo
Mangolo a ka u khothatsang:
Mehlala ea Batho ba ka Bibeleng e ka u khothatsang:
Ps 55:12-14, 16-18, 22—Nakong eo Morena Davida a neng a soetsitsoe ke motsoalle oa hae Akitofele, o ile a tšepa Jehova ’me o ile a mo tšelisa
2Ti 4:16-18—Nakong eo moapostola Pauluse a neng a e-na le mathata, batho ba bangata ba ile ba mo furalla empa o ile a fumana matla ka lebaka la ho tšepa Jehova
Ho soetseha ka lebaka la bofokoli ba rona kapa ka lebaka la libe tseo re ileng ra li etsa
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ps 51:1-5—Morena Davida o ne a utloisitsoe bohloko ke liphoso tseo a neng a li etselitse Jehova
Bar 7:19-24—Moapostola Pauluse o ne a ikutloa a nyahame ka lebaka la ho lula a loantšana le mefokolo ea hae
Mangolo a ka u khothatsang:
Mehlala ea Bibele e ka u khothatsang:
1Ma 9:2-5—Le hoja Morena Davida a ile a etsa libe tse ’maloa, Jehova o ile a mo nka a tšepahala
1Ti 1:12-16—Ho sa tsotellehe libe tseo moapostola Pauluse a ileng a li etsa pele, o ne a kholisehile hore o tla bontšoa mohau