Khalemelo
Ke hobane’ng ha khalemelo e hlahang ka Bibeleng e le ea bohlokoa haholo?
Ke hobane’ng ha kaofela re hloka tataiso le khalemelo?
Ke hobane’ng ha Jehova a re khalemela?
Sheba le De 8:5; Pr 13:24; Tše 3:19
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Sa 12:9-13; 1Ma 15:5; Lik 13:22—Ka lerato Jehova o ile a khalemela Morena Davida ha a entse libe tse tebileng ’me a mo tšoarela
Jon 1:1-4, 15-17; 3:1-3—Jehova o ile a khalemela moprofeta Jonase ka mor’a ho baleha kabelo eo a neng a mo file eona ’me a mo fa monyetla oa hore a lokise phoso ea hae
Ke hobane’ng ha re lokela ho nka taeo eo Jehova a fanang ka eona e le ea bohlokoa?
Pr 9:8; 12:1; 17:10; Heb 12:5, 6
Sheba le 2Kr 36:15, 16
Ho tla etsahala’ng ka batho ba sa mameleng ha Molimo a ba khalemela?
Pr 1:24-26; 13:18; 15:32; 29:1
Sheba le Jer 7:27, 28, 32-34
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Jer 5:3-7—Batho ba Molimo ba ile ba thatafatsa lipelo tsa bona ha Jehova a ba khalemela ’me ba hana ho baka, sena se ile sa etsa hore ba fuoe khalemelo e matla ho feta ea pele
Sof 3:1-8—Baahi ba Jerusalema ba ile ba hana ho mamela ha Jehova a ba khalemela ’me seo se ile sa ba bakela bomalimabe
Khalemelo ea Jehova e ka re tsoela molemo joang?
Pr 4:13; 1Ko 11:32; Tit 1:13; Heb 12:10, 11
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
De 30:1-6—Moprofeta Moshe o ile a bolella batho hore haeba ba ne ba mamela, Jehova o ne a tla ba hlohonolofatsa
2Kr 7:13, 14—Jehova o ile a bolella Morena Solomone ka lintho tse ntle tse neng li tla etsahalla sechaba haeba se ne se ka mamela khalemelo ea Hae
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ithute ho batho ba ileng ba khalemeloa?
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho thaba ha batho ba bang ba fuoa khalemelo e matla?
Ke eng eo re lokelang ho e etsa e le hore re rue molemo ha Jehova a re khalemela le ho re laea?
Sheba le De 17:18, 19; Ps 119:97
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Kr 22:11-13—Morena Davida o ile a bolella mora oa hae Solomone hore Jehova o ne a tla mo hlohonolofatsa haeba a ne a ka lula a mamela melao ea Hae
Ps 1:1-6—Jehova o tšepisa ho hlohonolofatsa batho ba balang le ho nahana ka molao oa Hae
Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho khalemela bana ba bona ho ba bontša hore baa ba rata?
Sheba “Batsoali”
Bana ba lokela ho etsa’ng ha batsoali ba bona ba ba khalemela?
Sheba “Lelapa— Bana”