Ho Khothatsana
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore bahlanka ba Molimo ba khothatsane?
Esa 35:3, 4; Kol 3:16; 1Th 5:11; Heb 3:13
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Kr 32:2-8—Morena Ezekiase o ile a khothatsa sechaba ha Baasiria ba ne ba se hlasela
Dan 10:2, 8-11, 18, 19—Lengeloi le ile la khothatsa moprofeta Daniele ea neng a tsofetse ha a khathetse
Ke hobane’ng ha Jehova a lebeletse hore baholo ba khothatse ba bang?
Sheba le Mat 11:28-30
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
De 3:28; 31:7, 8—Jehova o ile a laela moprofeta Moshe hore a khothatse le ho matlafatsa Joshua eo e neng e tla ba eena ea tla etella sechaba pele
Lik 11:22-26; 14:22—Nakong eo Bakreste ba neng ba hlorisoa, moapostola Pauluse le Barnabase ba ile ba khothatsa Bakreste ba Antioke
Ke hobane’ng ha re lokela ho babatsa batho ba bang e le hore re ba khothatse?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Bhl 11:37-40—Selemo le selemo banana ba Iseraele ba ne ba chakela morali oa Jafeta ho ea mo khothatsa ka hore ebe o ne a sebeletsa tabernakeleng
Tše 2:1-4—Le hoja ho ne ho hlokahala hore Jesu a khalemele Bakreste ba Efese, o ile a ba babatsa moo ba entseng hantle
Re ka khothatsa bara le barali ba bo rona joang?
Pr 15:23; Ef 4:29; Baf 1:13, 14;Kol 4:6; 1Th 5:14
Sheba le 2Ko 7:13, 15, 16
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 23:16-18—Jonathane o ile a ea ho motsoalle oa hae Davida ho ea mo khothatsa nakong e thata
Joh 16:33—Jesu o ile a matlafatsa barutuoa ba hae ka ho ba hopotsa hore o hlotse lefatše kahoo le bona ba ka hlola ha ba ka etsisa mohlala oa hae
Lik 28:14-16—Pauluse o ile a khothala ha bara babo ba tl’o mo bona pele a ahloloa Roma
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re se ke ra ba batho ba korotlang kapa ba sa hlompheng batho ba bang?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Nu 11:10-15—Moprofeta Moshe o ile a nyahama ka lebaka la ho korotla le ho se mamele ha Baiseraele
Nu 13:31, 32; 14:2-6—Lihloela tse leshome tse ileng tsa fana ka tlaleho e fosahetseng li ile tsa nyahamisa sechaba ’me sa fetoha marabele
Ke hobane’ng ha ho bokana ’moho le bara le barali ba bo rona ho re khothatsa?
Pr 27:17; Bar 1:11, 12; Heb 10:24, 25; 12:12
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Kr 20:1-19—Ha lebotho le leholo le ne le batla ho hlasela Morena Josafate, o ile a bokella batho ba hae ’me ba rapela
Lik 12:1-5, 12-17—Ka mor’a hore Jakobo a bolaoe le Petrose a tšoaroe, bara ba bo rona ba Jerusalema ba ile ba kopana ’me ba rapela
Ho nahana ka tšepo eo re nang le eona ho ka re thusa joang hore re mamelle nakong ea mathata?
Lik 5:40, 41; Bar 8:35-39; 1Ko 4:11-13; 2Ko 4:16-18; 1Pe 1:6, 7
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 39:19-23; 40:1-8—Le hoja Josefa a ne a tšoaretsoe ntho eo a sa e etsang, o ile a lula a itšetlehile ka Molimo ’me a thusa batho ba bang
2Ma 6:15-17—Moprofeta Elisha o ne a sa tšoha ha masole a ne a ba hlasela, o ile a ba a rapella hore mohlanka oa hae le eena a se ke a tšoha
Bibele e ka re khothatsa
Ke’ng e re kholisang hore Jehova o tla re thusa?
Ho nahanisisa ka mamello ea Jehova le mosa oa hae ho ka re khothatsa joang?
Ke’ng seo Jehova a ka se etsetsang batho ba nyahameng?
Ps 46:1; Esa 12:2; 40:29-31; Baf 4:13
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 1:10, 11, 17, 18—Jehova o ile a mamela thapelo ea Anna a ba a mo thusa ha a le mathateng hore a be le khotso
1Ma 19:1-19—Ha moprofeta Elia a ne a nyahame, Jehova o ile a mo fa lijo le metsi. O ile a mo khothatsa le ho mo tšelisa ka ho mo fa tšepo ka bokamoso
Litšepiso tsa Bibele tse buang ka bokamoso li ka re thusa ho ba sebete joang?
2Kr 15:7; Ps 27:13, 14; Heb 6:17-19; 12:2
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Job 14:1, 2, 7-9, 13-15—Nakong eo Jobo a neng a nyahame, o ne a tseba hore le ha a ka shoa Jehova o tla mo tsosa
Dan 12:13—Ha moprofeta Daniele a le lilemo li lekholo, lengeloi le ile la mo khothatsa ka ho mo bolella se neng se tla etsahala nakong e tlang
Ke joang ho rapela Jehova le ho nahanisisa ka eena ho re khothatsang?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 30:1-9—Ha Davida a e-na le mathata, o ile a rapela Jehova ’me Jehova a mo matlafatsa
Lu 22:39-43—Ha Jesu a ne a tobane le teko e boima ka ho fetisisa, o ile a rapela ’me Jehova a romela lengeloi ho mo matlafatsa
Litlaleho tse monate li ka re khothatsa joang hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re li arolelane le ba bang?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Lik 15:2-4—Moapostola Pauluse le Barnabase ba ile ba khothatsa liphutheho tseo ba neng ba li etela
3Jo 1-4—Ha moapostola Johanne a se a holile, o ile a khothatsoa ke ho utloa hore batho bao a neng a ba rutile litaba tse monate ba ne ba tsoela pele ho tšepahala