Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 74-75
  • Jesu Kreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 74-75

Jesu Kreste

Jehova o sebelisa Jesu ka tsela efe ea bohlokoa hore a phethahatse merero ea hae?

Lik 4:12; 10:43; 2Ko 1:20; Baf 2:​9, 10

Sheba le Pr 8:​22, 23, 30, 31; Joh 1:10; Tše 3:14

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 16:​13-17—Moapostola Petrose o ile a re Jesu ke Kreste Mora oa Molimo

    • Mat 17:​1-9—Baapostola ba bararo ba ile ba bona pono ea ha Jesu e se e le Morena nakong e tlang ’me ba utloa ha Jehova a re Jesu ke Mora oa hae

Ke’ng e neng e etsa hore Jesu a se ke a tšoana le batho ba bang?

Joh 8:58; 14:​9, 10; Kol 1:​15-17; 1Pe 2:22

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 21:​1-9—Ha Jesu a ne a kena Jerusalema a palame tonki, o ne a phethahatsa boprofeta bo mabapi le Morena oa ’Muso oa Molimo eo Jehova a mo khethileng

    • Heb 7:​26-28—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa kamoo Jesu, Moprista ea Phahameng, a fapaneng kateng le baprista ba bang bohle ba phahameng

Mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa e re ruta’ng ka eena le ka Ntate oa hae?

Joh 3:​1, 2; 5:36

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 4:​23, 24—Jesu o ile a bontša hore o matla ho feta bademona le hore a ka khona ho folisa batho ba kulang

    • Mat 14:​15-21—Jesu o ile a etsa mohlolo ka hore a fepe batho ba likete ba lapileng ka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli

    • Mat 17:​24-27—Jesu o ile a patala lekhetho ka chelete eo a e fumaneng ka mohlolo e le hore a tšehetse borapeli ba ’nete le hore a se ke a khopisa batho

    • Mar 1:​40, 41—Jesu o ile a hauhela monna ea neng a tšoeroe ke lepera eaba oa mo folisa. Taba ena e ne e bontša hore o batla ho folisa batho

    • Mar 4:​36-41—Jesu o ile a etsa hore sefefo se emise, e leng se bontšang hore Ntate oa hae o mo file matla a ho laola boemo ba leholimo

    • Joh 11:​11-15, 31-45—Jesu o ile a lla ha motsoalle oa hae Lazaro a ne a hlokahetse. Ka mor’a moo, o ile a mo tsosa e leng se bontšang hore o hloile lefu le bohloko bo bakoang ke lona

Molaetsa oa bohlokoa oo Jesu a neng a o ruta e ne e le ofe?

Mat 9:35; Lu 4:43; 8:1; Joh 18:37

Jesu o ile a bontša makhabane afe ha a le lefatšeng? O ile a bontša hore . . .

O mosa—Mat 13:2; Mar 10:​13-16; Lu 7:​36-50

O utloela batho bohloko; o mohau—Mar 5:​25-34; Lu 7:​11-15

O sebete—Mat 4:​2-11; Joh 2:​13-17; 18:​1-6

O ikokobelitse—Mat 11:29; 20:28; Joh 13:​1-5; Baf 2:​7, 8

O rata batho—Joh 13:1; 14:31; 15:13; 1Jo 3:16

Oa mamela—Lu 2:​40, 51, 52; Heb 5:8

O bohlale—Mat 12:42; 13:54; Kol 2:3

Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ikemiselitse ho re shoela hona lefu la hae le re tsoela molemo joang?

Mat 20:28; Joh 3:16; Lik 10:43; 1Jo 4:​9, 10

Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela hore ebe Jesu Kreste ke Morena leholimong?

Ps 72:​12-14; Dan 2:44; 7:​13, 14; Tše 12:​9, 10

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 45:​2-7, 16, 17—Mantsoe a pesaleme ena a bontša hore Morena enoa ea khethiloeng ke Molimo o tla hlola lira tsohle tsa hae ’me a buse ka boikokobetso, ka ’nete le ka toka

    • Esa 11:​1-10—Ha Jesu e se e le Morena, lefatše e tla ba paradeise ’me ho be le khotso

Jesu o tl’o etsa’ng haufinyane?

2Th 1:​7-9; 2:8; Tše 19:​11-21

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela