Maruo
Na Bibele e re ke phoso ho ba le chelete kapa maruo?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Ma 3:11-14—Jehova o ile a hlohonolofatsa Morena Solomone ka ho mo fa maruo hobane a ikokobelitse
Job 1:1-3, 8-10—Le hoja Jobo a ne a ruile, ho tšepahalla Jehova e ne e le eona ntho e tlang pele bophelong ba hae
Ke hobane’ng ha ho ba le chelete ho sa etse hore motho a khotsofale kapa a be le khotso bophelong?
Ke hobane’ng ha re ka re maruo ha a na thuso?
Ke’ng e etsang hore ho ba le maruo ho be kotsi?
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa maruo?
Pr 11:4, 18, 28; 18:11; Mat 13:22
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Lik 8:18-24—Simone o ne a nahana hore a ka fumana boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste ka hore a fe baapostola chelete
Ho rata chelete ho ka etsa hore re lahleheloe ke’ng?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mar 10:17-23—Monna e mong ea neng a ruile o ile a lahleheloa ke monyetla oa ho ba molateli oa Jesu hobane o ne a rata chelete le lintho tsa hae tse ngata
1Ti 6:17-19—Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba ruileng hore ba se ke ba ikhohomosa hobane ho etsa joalo ho ne ho tla senya kamano ea bona le Jehova
Ho rata maruo ho ka fokolisa tumelo ea rona joang ’me ha senya kamano ea rona le Molimo?
De 8:10-14; Pr 28:20; 1Jo 2:15-17
Sheba le Ps 52:6, 7; Amo 3:12, 15; 6:4-8
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Job 31:24, 25, 28—Jobo o ne a utloisisa hore ho tšepa maruo ho ne ho le kotsi hobane ho ne ho tla bontša hore ha a tšepe Molimo
Lu 12:15-21—Jesu o ile a re lemosa ka likotsi tsa ho rua ha a ne a etsa mohlala ka monna ea neng a tšepile maruo a hae ho e-na le ho tšepa Molimo
Re ka etsa’ng hore re khotsofalle lintho tseo re nang le tsona?
Ke lintho life tsa bohlokoa bophelong ho feta maruo, hona hobane’ng?
Pr 3:11, 13-18; 10:22; Mat 6:19-21
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Hag 1:3-11—Jehova o ile a sebelisa moprofeta Hagai ho bolella Baiseraele hore a ke ke a hlola a ba hlohonolofatsa hobane ba ne ba amehile feela ka ho haha matlo a bona ho e-na le ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka hore ba hahe tempele ea Jehova
Tše 3:14-19—Jesu o ile a khalemela phutheho ea Laodisia hobane e ne e rata maruo ho feta ho sebeletsa Molimo