Botsofali; Batho ba Holileng
Ho etsahala’ng ha re tsofala?
Sheba le “Ho Tšelisa—Mathata a bakoang ke ho kula kapa ho tsofala”
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Moe 12:1-8—Morena Solomone o ile a sebelisa mokhabo-puo ho hlalosa mathata a bakoang ke ho hola, a kang ho se bone hantle (“bafumahali ba bona ho le lefifi ha ba nyarela ka lifensetere”) le ho se utloe hantle (‘libini tsohle tsa basali ha li utloahale hantle’)
Na batho ba tsofetseng ba ka lula ba thabile ho sa tsotellehe mathata a bakoang ke ho hola?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 12:2, 23—Le hoja moprofeta Samuele a ne a se a tsofetse, o ne a ntse a nka ho le bohlokoa ho rapella batho ba Jehova
2Sa 19:31-39—Morena Davida o ile a ananela thuso ea Barzilai ea neng a se a tsofetse empa Barzilai o ile a hana ho ea le morena Jerusalema hobane o ne a tseba hore ha a sa na matla joaloka pele
Ps 71:9, 18—Ha Morena Davida a ne a tšohile hore Jehova a ke ke a hlola a mo sebelisa hobane a tsofetse, o ile a mo kopa hore a mo fe matla a hore a ’ne a mo sebeletse
Lu 2:36-38—Jehova o ile a hlohonolofatsa moprofeta Anna ea neng a tsofetse ebile e le mohlolohali hobane o ne a mo sebeletsa ka botšepehi
Jehova o bontša joang hore o tsotella batho ba holileng?
Ps 92:12-14; Pr 16:31; 20:29; Esa 46:4; Tit 2:2-5
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 12:1-4—Ha Abrahama a ne a le lilemo li 75, Jehova o ile a mo fa mosebetsi o neng o hloka hore a e’o phela naheng e ’ngoe bophelo bohle ba hae
Dan 10:11, 19; 12:13—Jehova o ile a romela lengeloi ho moprofeta Daniele hore le mo bolelle hore oa mo rata le hore o tla mo hlohonolofatsa ka lebaka la botšepehi ba hae
Lu 1:5-13—Jehova o ile a hlohonolofatsa Zakaria le Elizabetha ka hore a ba fe mora ka mohlolo, eo ba ileng ba mo reha Johanne
Lu 2:25-35—Jehova o ile a fa Simeone ea neng a se a holile monyetla oa hore a bone lesea leo e neng e tla ba Mesia. Ha Simeone a bona lesea leo, o ile a bua lintho tse neng li tla le etsahalla
Lik 7:23, 30-36—Moprofeta Moshe o ne a le lilemo li 80 ha Jehova a mo etsa moeta-pele oa sechaba sa hae sa Iseraele
Re lokela ho tšoara batho ba holileng joang?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 45:9-11; 47:12—Jakobo o ne a se a holile ha mora oa hae Josefa a re a tlisoe ho eena e le hore a ka mo hlokomela ho fihlela a shoa
Ru 1:14-17; 2:2, 17, 18, 23—Ruthe o ne a hlokomela Naomi ea neng a se a holile, a bontša ka liketso le ka tsela eo a buang le Naomi ka eona hore oa mo tsotella
Joh 19:26, 27—Ha Jesu a le palong a le haufi le ho shoa, o ile a kopa moapostola Johanne hore a sale a hlokomela ’mè oa hae ea neng a se a holile