Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 54-55
  • Ho Loka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Loka
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 54-55

Ho Loka

Ke mang ea nang le tokelo ea ho re bolella hore na ke lintho life tse nepahetseng kapa tse fosahetseng?

De 32:4; Eze 33:​17-20

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 18:​23-33—Jehova o ile a bontša Abrahama hore ke Moahloli ea lokileng

    • Ps 72:​1-4, 12-14—Pesaleme ena e rorisa Morena Jesu ea etsang lintho ka toka joaloka Jehova

Re fumana melemo efe ha re mamela melao ea Jehova?

Ps 37:​25, 29; Jak 5:16; 1Pe 3:12

Sheba le Ps 35:24; Esa 26:9; Bar 1:17

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 37:​22-24—Elihu o ile a rorisa Jehova hobane e le Molimo ea nang le toka le eo boholo ba hae bo etsang hore bahlanka ba hae ba mo hlomphe

    • Ps 89:​13-17—Mopesaleme o ile a rorisa Jehova hobane e le Molimo ea busang ka toka

Re lokela ho etsa’ng ho bontša hore re mamela Molimo?

Eze 18:​25-31; Mat 6:33; Bar 12:​1, 2; Ef 4:​23, 24

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 6:​9, 22; 7:1—Noe o ile a bontša hore ke motho ea lokileng ha a ne a etsa lintho tsohle tseo Jehova a mo laetseng tsona

    • Bar 4:​1-3, 9—Jehova o ne a nka Abrahama e le motho ea lokileng hobane o ne a e-na le tumelo e matla

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re itšoare hantle hobane re rata Jehova eseng hobane re batla ho khahlisa batho?

Mat 6:1; 23:​27, 28; Lu 16:​14, 15; Bar 10:10

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 5:20; 15:​7-9—Jesu o ile a bolella batho hore ba se ke ba etsa lintho tseo bangoli le Bafarisi ba reng li lokile hobane ke baikaketsi

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa papiso ha a ne a khalemela batho ba neng ba nka hore ba lokile ho feta batho ba bang

Ke hobane’ng ha motho ea etsetsang batho ba bang lintho tse molemo e le oa bohlokoa ho feta motho ea lokileng?

Bar 5:​7, 8

Sheba le Lu 6:​33-36; Lik 14:​16, 17; Bar 12:​20, 21; 1Th 5:15

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho etsa eka re lokile ho feta batho ba bang?

Moe 7:16; Esa 65:5; Bar 10:3; 14:10

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela