Ho Rarolla Liqabang
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho halefa kapa ho iphetetsa ha motho e mong a re utloisitse bohloko?
Pr 20:22; 24:29; Bar 12:17, 18; Jak 1:19, 20; 1Pe 3:8, 9
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 25:9-13, 23-35—Ka mor’a hore Nabale a rohake Davida le banna bao a neng a e-na le bona a be a hane ho ba thusa, Davida o ile a nkoa ke pelo eaba o etsa qeto ea ho bolaea Nabale le banna ba ntlo ea hae empa Abigaile o ile a bua le Davida hore a se ke a iphetetsa
Pr 24:17-20—Jehova o ile a sebelisa Morena Solomone hore a lemose batho ba Molimo hore ha aa batle hore ba thabe ha lira tsa bona li hlaheloa ke lintho tse bohloko hobane ke eena ea tla li ahlola
Ha Mokreste a qabane le motho e mong, na o lokela ho khaotsa ho mo buisa le ho ba motsoalle oa hae?
Le 19:17, 18; 1Ko 13:4, 5; Ef 4:26
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Mat 5:23, 24—Jesu o ile a re re lokela ho sebetsa ka thata hore re etse khotso le Bakreste-’moho le rona ha ba re etselitse liphoso