Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 93-94
  • Maemo a Motho Sechabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maemo a Motho Sechabeng
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 93-94

Maemo a Motho Sechabeng

Na Molimo o nka batho ba bang ba le bohlokoa ka lebaka la morabe, lelapa leo ba tsoang ho lona kapa hobane feela ba e-na le chelete e ngata?

Lik 17:​26, 27; Bar 3:​23-27; Gal 2:6; 3:28

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Joh 8:​31-40—Bajuda ba bang ba ile ba ikhohomosa hobane ba ne ba tsoa lelokong la Abrahama empa Jesu o ile a ba khalemela hobane ba ne ba sa etse lintho joaloka Abrahama

Na re lokela ho khella batho ba bang fatše hobane e le ba merabe e meng kapa hobane ba tsoa linaheng tse ling?

Joh 3:16; Bar 2:11

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Jon 4:​1-11—Jehova o ile a ruta moprofeta Jonase hore o lokela ho ba mosa ho Baninive bao e neng e le batho ba naha e ’ngoe

    • Lik 10:​1-8, 24-29, 34, 35—Ka mor’a hore moapostola Petrose a tsebe hore Jehova o amohela Balichaba, o ile a thusa Korneliase le lelapa la hae hore e be Bakreste ba pele ba Balichaba ba sa bollang

Na Bakreste ba ruileng ba lokela ho nka hore ba bohlokoa ho feta ba bang kapa ba lebelle ho tšoaroa ka tsela e khethehileng?

1Ti 6:​17, 18; Jak 2:​2-4

Sheba le De 8:​12-14; Jer 9:​23, 24

Na ha motho e le molebeli o lokela ho hatella ba bang le ho ba tšoara hampe?

2Ko 1:24; 1Pe 5:​2, 3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • De 17:​18-20—Jehova o ile a re marena a Iseraele a se ke a nka hore a bohlokoa ho feta Baiseraele ba bang hobane kaofela e ne e le bana ba motho

    • Mar 10:​35-45—Jesu o ile a khalemela baapostola ba hae hobane ba ne ba amehile haholo ka hore na ke mang e moholo har’a bona. (Sheba le study note se hlahang Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane ho Mar 10:42 tlas’a sehloohoana se reng “lord it over them”)

Jehova o amohela batho ba joang?

Ex 19:5; Bar 10:12; 1Jo 2:17

Na Bakreste ba lokela ho leka ho fetola melao ea ’muso ha ba utloa eka ha e na toka?

Ef 6:​5-9; 1Ti 6:​1, 2

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Joh 6:​14, 15—Ha batho ba ne ba bona hore Jesu a ka khona ho rarolla mathata a bona, ba ile ba leka ho mo etsa morena empa Jesu o ile a hana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela