Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 12/15 leq. 32
  • Moruti o Lebetse ho ea Kerekeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moruti o Lebetse ho ea Kerekeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 12/15 leq. 32

Moruti o Lebetse ho ea Kerekeng

Phihlelo e latelang e tsoang naheng ea Afrika ea Kenya e bontša boipiletso ba buka e rutang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.

Kopi ea buka ena e ile ea tsamaisetsoa moruti hoseng ho hong pele tšebeletso ea kereke ea hae e qala. Kapele-pele a qala ho e talima ’me ea mo hohela hoo a ileng a lebala ho ea kerekeng ho ea tšoara tšebeletso ea bolumeli. Kamor’a nako, basebeletsi ba babeli ba kereke ba ile ba rongoa lapeng ha hae, moo ba ileng ba mo fumana a bala buka ea Lipale tsa Bibele. Moruti eo a qala ho ba hlalosetsa kamoo buka ena e hlollang kateng. Bana le bona ba hoheleha ’me ba se ke ba tsotella ho khutla.

Kamor’a nakoana, ba bang kerekeng ba ea lapeng ha moruti ’me, ho makaleng hoa bona, ba fumana banna bana ba bararo ba buisana ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Phello? Ho e-na le tšebeletso ea kereke e tloaelehileng hoseng hoo, hoa e-ba le puisano e sa tloaelehang ea buka ea Lipale tsa Bibele. Ba bangata ba batla likopi tsa bona ’me ba kōpa hore moromuoa oa Lipaki tsa Jehova a ba tlisetse tsona.

Buka ena e maqephe a 256, e entsoeng ka litšoantšo tse ntle e fa ’mali khopolo e batsi ka seo Bibele e leng sona. U ka iphumanela kopi. Ka hore feela u tlatse le ho romela setlankane se ka tlase hammoho le monehelo oa R4,50.

Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, eo ke kentseng R4,50 bakeng sa eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela