Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 11/15 leq. 32
  • Monna oa Hae O mo Makalitse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Monna oa Hae O mo Makalitse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 11/15 leq. 32

Monna oa Hae O mo Makalitse

Sesebetsi sa lifono-fono Texas sa nea basebetsi hammoho le sona Buka ea ka Lipale tsa Bibele, sa ba bontša lintšoantšo tse ntle le boitsebiso bo molemo bo leng bukeng eo, ba amohela libuka tse 50. O re hlalosetsa se etsahetseng kamor’a hore mofumahali e mong a kōpe hore a mo tlisetse buka.

“Ntšoarele ha ke u kōpile hore o tle le buka,” ho boletse mofumahali eo.

“Lebaka ke eng?” ka botsa.

“Ke ne ke sa tsebe hore u e mong oa Lipaki tsa Jehova. Monna oa ka o le hloile,” a nkaraba.

Ka re: “Ke mohau hore ikutloa joalo.” Empa ha ke hlokomela kamoo a khahlehelang buka kateng, ka re: “Hle e-ea le buka ena hae ’me u ’montše eona, ’me haeba a sa e rate u e khutlise.”

“Ho lokile,” a rialo.

“Ka le hlahlamang ka kopana le eena, ’me a re, ‘JoAnn, ke thabile haholo. Ke ile ka nka buka ka ea hae le eona ’me ka e tlohela holim’a raka ea liphahlo. Ka ea mabenkeleng. Ha ke khutla, monna oa ka le bana ba ne ba bala buka. A mpotsa hore na buka e tsoa kae, ’me ka ’molella hore ke ea Lipaki tsa Jehova. A re, “Ke buka e ntle haholo. Ak’u bone litšoantšo tsena tsohle, ’me botlaseng ba leqephe ho bontšoa moo boitsebiso bo ka fumanoang teng ka Bibeleng.”’”

Re kholoa hore le uena u ka thabela buka ena e nang le litšoantšo tse ntle le e ngotsoeng ka mongolo o moholo. Lipale tsa Bibele tse 116 tse bukeng ena li beha ’mali leseling ka se boleloang ke Bibele. Lipale tsena li ngotsoe ka tatellano ea liketsahalo historing. E tla u thusa ho ithuta hore na lintho li etsahetse neng paleng kamanong le liketsahalo tse ling. Iphumanele buka ena e ntle e maqephe a 256 ka ho tlatsa le ho romela setlankana.

Hle nthomelleng buka e sekoahelo se thata Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me poso e lefeletsoe, ke kentse R3,50.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela