‘Ke Seo ke ‘Nileng ka se Batla’
Bophelo ba batho bo ka fetoloa ke ntho e nyenyane. Sena se bontšitsoe ke ngoanana e monyenyane oa Argentina ea ngoletseng ntlo-khōlō ea lefatše ea Watch Tower Society e Brooklyn, New York, se latelang:
“Mohatisi ea Ratehang:
Ka kōpo mpolelle kapele kamoo nka amohelang makasine oa Molula-Qhooa oo le o hatisang. Mohaelani oa ka o ile a nkalima makasine ona ’me seo ke se balileng ke seo ke ’nileng ka se batla ka nako e telele. Se nthusitse hakaakang! Se ntšelisa haholo. Taba ke hore ke lilemo li 15 ’me ke mong feela lefatšeng. Ha ke na mang oe, ’me makasine oa lōna o mphile tšepo. Mohaelani o ile a nkōpa hore ke khutlise makasine oo kaha e ne e le e ’ngoe ea lintho tseo ’m’ae, ea neng a sa tsoa shoa haufinyane, a mo sietseng tsona.”
Ngoanana e monyenyane o ile a qetella lengolo la hae ka ho hlalosa hore o futsanehile haholo empa o ne a tla etsa eng kapa eng eo a ka e khonang ho lefella makasine oo. Lengolo la hae le ile la fetisetsoa Argentina, ’me moemeli oa Mokhatlo oa Watch Tower a ea ho ngoanana eo kapele kamor’a moo. O ile a etsa peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha! A hōla kapele tsebong ea Bibele ’me a kolobetsoa. Hona joale o sebetsa ’moho le baena ba hae le likhaitseli tsa hae ba likete ba Argentina tšebeletsong ea Bokreste.
Le uena u ka tlisetsoa Molula-Qhooa le motsoalle oa oona e leng makasine ea Tsoha! lapeng la hao ka ho tlatsa le ho romella setlankane se ka tlaase mona.
Ka kōpo nthomelleng peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa le Tsoha! Ke kentse R9,75.