“Ba Tla u Loantša, Empa ba ke ke ba u Hlōla”
MORENA ’Musi Jehova o ile a bolella Jeremia e monyenyane hore o ne a tla mo etsa “motse oa qhobosheane, le tšiea ea tšepe, le marako a koporo” khahlanong le ba neng ba ka batla ho mo timetsa. Mehleng ea kajeno, rōna joaloka Lipaki tsa Jehova re na le tiiso e tšoanang e tsoang ho Molimo oa rōna. E, tlas’a tšusumetso ea Satane, ‘ruri ba tla re loantša empa ba ke ke ba re hlōla. Hobane ke na le Iōna ho le namolela, ho bolela Jehova.’—Jeremia 1:18, 19.
Metseng e ka mathōko ea Lihleke-hleke tsa Solomon, batho basele ba kenang moo ba bea bophelo ba bona kotsing, haholo haeba ba tlisa bolumeli bo bocha. Eo e bile phihlelo ea bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba Lipaki tsa Jehova. Batho ba motse ba mahlo a bohale ba ile ba ba supa ka metsu le liqha. Ba laeloa hore ba betse metsu! Ha boemo bo ntse bo mpefala haholo, monna-moholo e mong a kenella ka tšohanyetso, a re: “Bana ke baeti ba ka. Le se ke la ba ntša kotsi.” Ho makaleng ha batho ba motse, a ea le bona ha hae. Monna enoa o ne a ile a utloa ha ho buuoa ka Lipaki, joale a fumana buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ’me ha qalisoa thuto ea Bibele. A phakisa a ea libokeng. Kajeno baena ba ka paka ka bolokolohi sebakeng seo, ba leboha topollo eo Jehova a ileng a e etsa qalong.
Hangata topollo e ’nile ea tla ka hore motho a tsebahale e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka la boboleli ba ntlo le ntlo, batho ba tseba hore na Lipaki ke bo-mang le hore na boemo ba tsona ke bofe litsekisanong tsa letsatsi le letsatsi. Motsaneng o mong oa Peru, likhukhuni li ile tsa nģosa batho ba motse ka hore ba li ekile. Tsa phutha banna ba motse oo ’me tsa ba kolokisa hore ba thunngoe. (Maemong a tšoanang metse e ’nile ea felisoa e le motse kaofela.) Empa ntlheng ena, e mong oa likhukhuni a lemoha moena ’me a bolella babolai: “Monna eo hase e mong oa bona. Ke mo tseba e le Paki ea Jehova, ’me ha li kena-kenane le lipolotiki.” Moena a lokolloa. Ka sebele, Jehova o sireletsa ba hae!
Tšimo ea sehleke-hleke ea Cyprus e tlaleha hore Kereke ea Bagerike ea Orthodox e ’nile ea e-ba mafolo-folo ho leka ho senya ka lenyele mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Kereke e aba lipampitšana tse nģosang Lipaki ka lintho tse ngata le ho nyahamisa batho ba eona hore ba ka buisana ka tsela leha e le efe le Lipaki. Baruti ba bang ba bolumeli ba bile ba itlhophisa ho etela batho ba ’nileng ba ithuta le Lipaki tsa Jehova, ba leka ho ba nyahamisa. Ho bontšang sena ke ho etsahetseng Paphos, moo Pauluse le Barnabase ba ileng ba hlōla khanyetso e tšoanang. (Liketso 13:6-12) Moprista eo e bileng e leng moruti oa bolumeli o ile a leka ho kholisa batho ba bararo ba sa tšoaneng hore ba emise ho hlahloba Bibele le Lipaki tsa Jehova. Batho bao, kamorao ho moo ’me e mong le e mong a sa kopana le ba bang ba lokisetsa hore moena a ee le bona ha ba il’o buisana le moruti enoa oa bolumeli. Ka baka leo, ka boraro ba bona hona joale ba kopanela ka mafolo-folo le Lipaki. Moprista a hlalosa, ‘Nke ke ka hlola ke buisana hape le Lipaki tsa Jehova.’
Baprista ba bang ba bile ba fetela pele hoo ba ileng ba otla Lipaki ha li ntse li etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo motseng o mong. Ho makatsang, matsatsi a se makae kamorao ho moo, setsokotsane sa fihla motseng, sa senya marulelo a matlo a mangata. Batho ba bang ba motse ba hlalosa: ‘Ena ke kotlo e tsoang ho Molimo ka lebaka la seo baprista ba se entseng Lipaki tsa Jehova.’ Motseng ona, batho ba lipelo li tšepahalang ba ntse ba amohela baena ba rōna malapeng a bona. Ka lekhetlo le leng, ha moena a fana ka makasine oa morao-rao ho motho ea thahasellang, ha etsahala hore e mong oa baprista ba neng ba ile ba otla baena a fete ka tsela ’me a bolelle moena hore a tlohele ‘mohlape’ oa hae o phole. Motho ea thahasellang a re ho moprista, ‘Ke se ke le moholo ho lekaneng ho tseba hore na ke etsa’ng.’ Ka hona baruti ha ba hlōle Lipaki tsa Jehova: boiteko ba bona boa ba soetsa ’me batho ba bangata ba emela Jehova.
Naheng e ’ngoe e harasoaneng ke ntoa Afrika e Hare, molebeli oa potoloho o ile a emisoa hore a sechoe ke masole joalokaha ho tloaelehile. Masole a hanyetsana le ho hong lengolong leo a neng a le nkile ’me a mo isa ntlo-khōlō ea sepolesa, moo a ileng a shapuoa le ho hlorisoa ke masole a mararo. Le hoja a sa ka a beeloa qoso le ho isoa nyeoeng, o ile a kenngoa litlamong selemo se le seng. Ka likhoeli tse tšeletseng o ne a beiloe ka seleng e petetsaneng le batlamuoa ba bang ba 40. Ka lebaka la ho petetsana ha bona, ba ne ba tlameha ho fapanyetsana linako tsa ho robala, lihora tse tharo nako ka ’ngoe. Boholo ba nako ba ne ba tlameha ho ema. Ha moena oa rōna a ntse a le moo, ho ile ha shoa batlamuoa ba 137, ’me a fuoa mosebetsi oa ho kenya litopo tsa bona ka mekotleng hore li epeloe.
Molebeli enoa oa potoloho a ’na a ipoloka a le matla moeeng ka hore boholo ba nako a pakele batlamuoa hammoho le eena. Litlaleho tsa hae li bontša hore o ne a sebetsa lihora tse fetang 30 ka khoeli boboleling, a tsamaisa lithuto tse ’nè tsa Bibele ha a ntse a le chankaneng. E mong oa liithuti tsa hae o bile a qala ho pakela ba bang. Jehova o ile a hlokomela moena enoa litekong tsohle tsa hae, ’me o fana ka keletso ena ho ba bang: “Ha u le litlamong, tlohella tsohle matsohong a Jehova. Emela eena. Mo tšepe. U se ke ua tšoenyeha haholo. Tšepahala.”
Sebakeng se seng Zimbabwe, bana ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba lelekoa sekolong ka lebaka la ho se kopanele linthong tsa bopolotiki. Lihlopha tsa moo li sa khotsofala ke seo, li bile tsa chesa matlo a batsoali ba bana bana ’me tsa senya lijalo tsa bona. Malapa a Lipaki a ile a tlameha ho balehisa bophelo ba oona a siea likhomo le matlotlo a mang. Leha ho le joalo, taba ea isoa ho ba boholong ’musong bao ka mosa ba ileng ba lokisetsa hore malapa ao a khutlele hae matlong a oona. Likhomo tsa oona tsa khutlisoa, ’me ’muso o nkile bohato ba ho buseletsa baena se ba lahlehetseng. Lipaki tsa Jehova ka sebele lia ananela ha “marena” a iponahatsa joalo hore ke ‘bahlanka ba Molimo bakeng sa ho etsa molemo.’ (Ba-Roma 13:1-4) Har’a sena sohle, ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle, ’me batho ba moo hona joale ba bontša thahasello e khōlō molaetseng oa ’Muso. Joalokaha e mong oa baena a bolela, ‘Rea tseba hore Jehova a ka etsa hore maemo a joalo a sebetse e le bopaki bo pakelang lebitso la hae.’
Selemong se fetileng sa tšebeletso ho bonahetse Jehova a hlohonolofalitse mosebetsi Malawi. E bile feela libakeng tseo ho tsona batho ba metse eo ba nang le lehloeo moo Lipaki li ileng tsa hlokofatsoa. Tlaleho e latelang e paka sena: “Likarolong tse ngata tsa tšimo ho khutsitse. Empa phuthehong e ’ngoe, batho ba malapa a mabeli a Lipaki ba ile ba shapuoa hampe ke mekhatlo ea bacha. Monna oa le leng ho malapa ana o ile a shapuoa habohloko hoo a ileng a ea le maili-ili ka lihora tse ’nè. Kamorao ho moo, o ile a isoa motebong oa sepolesa moo lepolesa le mosebetsing le ileng la boetse la mo shapa le ba bang ba neng ba tšoeroe le eena. Leha ho le joalo, hamorao lepolesa lesele la kena mosebetsing. Lena le ne le le mosa. La lokolla baena ’me la ba khutlisetsa hae, ’me ba leboha Jehova bakeng sa topollo ena e neng e sa lebelloa. Hamorao ho ile ha fumaneha hore sesosa sa ketsahalo ena e ne e le lehloeo la beng ka bona ba haufi. Palo ea ba bileng teng Sehopotsong sa rōna monongoaha e bile e khothatsang. Re bile le ba 23 476. Hona ho bontša hore ho sa ntsane ho e-na le batho ba kang linku ba tlamehang ho thusoa hore e be barutuoa ba Jesu Kreste mona Malawi.”
Naha e ’ngoe ea Europe Bochabela e rometse molaetsa ona oa kananelo: “Re leboha kopano e haufi eo re bileng le eona le Sehlopha se Busang ka mecha eohle ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng. Ka sena re fuoe sebaka sa ho bona kamoo Ntate oa rōna oa leholimo a bokellang linku tsa hae kajeno, ka Mora oa hae le mangeloi ’ohle, le kamoo re ka kenyang letsoho ho hona. Hona ke tokelo e kaakang! Ntate oa rōna o hlohonolofalitse boiteko ba rōna ka keketseho. Nako e eketsehileng e sebelisoang tšimong, bo-pula-maliboho ba thusang ba eketsehileng ba bolela litaba tse molemo ka cheseho, le palo e phahameng ka ho fetisisa ea libuka tse khōlō tseo ho kileng ha alimanoa ka tsona kapa tsa tsamaisoa tšimong, ke liphello tsa tlhohonolofatso ena.”
Lenaka la kajeno la Jubile le utloahetse ka molumo o moholo le o hlakileng. Tlaleho e sehloohong se fetileng e arotsoeng ka lihlooho e bontša kamoo Lipaki tsa Jehova likarolong tsohle tsa lefatše li arabelang pitso eo.