Na Bana ba Lokela ho Thibeloa Libokeng?
‘MASEA le bana ba se tlisoe tlung ea Molimo.’ Ana ke maikutlo a mohlalosi ea hlomphuoang haholo oa Bibele Adam Clarke. Leha ho le joalo, a lumella mosali ea fumanehileng ea ‘hlokang motho ea tla mo salla le ngoana ha a le sieo.’ Ba joalo ba ka lumelloa ho tla le bana ba bona kerekeng “leha hoo ho ne ho tla khathatsa phutheho, le baruti ba bang, ho utloa ngoana a lla.”
Clarke o theile tšekamelo ea hae ea ho se rate bana lengolong la Bibele la Nehemia 8:2, NW: “Ka mokhoa o joalo Esdrase moprista a tlisa molao pel’a phutheho ea banna le basali le bohle ba bohlale ka ho lekaneng ho ka mamela.” Tlhaloso e joalo e loantšana le moea o ho Deuteronoma 31:12: “U tla phutha sechaba, banna, le basali, le bana . . . ba tle ba utloe, ’me ba ithute.”—Bona hape 2 Timothea 3:15.
Ponong ea sena, ha ho bonahale ha Nehemia a ne a lokisetsa seboka seo hore o ne a hopotse ho se kopanyelletse ba bang. Ho e-na le hoo, ho ka etsahala hore morero oa memo ena e ne e le ho kopanyeletsa bohle ba “bohlale ka ho lekaneng ho ka mamela,” ho khothalletsa ho kopanela ho feletseng! Ho tla be ho sa utloahale hakaakang ho kōpa batsoali ho siea bana ba bona ba sa hlokomeloa!
Ka ho thahasellisang, Lipaki tsa Jehova kajeno li khothalletsoa ho tla le masea le bana ba tsona libokeng tsa Bakreste. Ke ’nete, ka nako e ’ngoe ba ka bakela batsoali khathatsonyana. Empa batsoali ba Bakreste ba etsa boiteko ba ho ruta bana ba bona ho lula ba khutsitse. Hamorao bana ba bona ba tla ba ‘bohlale ka ho lekaneng ho mamela’ le ho utloisisa boitsebiso bo fanang ka bophelo.—Ba-Heberu 10:24, 25.