Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 8/1 leq. 3
  • Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka Joala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka Joala
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • U ka Etsa’ng Hore U Khaotse ho Noa Haholo?
    Lihlooho Tse Ling
  • Joala
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 8/1 leq. 3

Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka Joala

“BANNA ba bohlale ha ba noe veine ho hang.” Ho phatlalalitse joalo moruti oa Lenigeria. E seng khale haholo, polelo e joalo e ka be e ile ea qheloa e le e ke keng ea mamelloa le e bothoto. Leha ho le joalo, kajeno boikutlo bo khahlanong le joala boa hōla likarolong tse ling tsa lefatše.

Ka mohlala, ho Reader’s Digest ea haufinyane, phuputso ea Gallup (U.S.) e senotse hore “Maamerika a qalile ho noa hanyenyane.” Ka ho tšoanang makasine ea Time e tlaleha hore “Amerika e ntse e fokotsa [tšebeliso ea joala], ’me e etsa joalo ka potlako e fetang ea nako efe kapa efe esale thibelo e qalile ho sebetsa ka 1920.” Fora e tlaleha ho theoha tšebelisong ea veine.

Lebaka la phetoho ena ho ea tšebelisong e itekanetseng ke lefe? Ba bang ba hlahisitse mohoo oa boipelaetso ka baka la lipolao tse tšabehang mebileng e meholo ka baka la bakhanni ba tahiloeng. Reader’s Digest e boletse hore, “Ka 1983, joala bo ile ba hloka [United States] lidolara tse libillione li 89.5 [liranta tse limilliome tse likete tse 179] ka lebaka la ho senyeha ha mesebetsi le ho se hlahise litholoana mosebetsing, tlhokomelo ea bophelo, tahlehelo ea thepa le tlōlo ea molao, ’moho le tšenyo e ke keng ea lekanngoa bophelong ba malapa a ba amehang.” Ha ho makatse, he, hore Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo oa Machaba a Kopaneng haufinyane o ile oa buella hore mebuso ‘e bee meeli ea joala bo fumanehang molemong oa bophelo le boiketlo ba lichaba tsa eona.’—New Nigerian, ea la 16 Tlhakubele, 1983.

Ba bang ba bile ba phea khang hore bo teloe. Moruti oa Lenigeria ea qotsitsoeng kaholimo o bolela hore: “Liproverbia 20:1 ka ho khetheha e re ba noang veine ke lithoto.” Moruti e mong hape oa tlatseletsa: “Mangolo a Halalelang a nyatsa joala ka bukeng ea Esaia,” a supa litemana tse ho Esaia 5:11, 12, le 22.

Ha ba talima lipolelo tse joalo, batho baa ipotsa: Litemana tse joalo tsa mangolo li bolela eng? Na Bibele ka sebele e thibela ka ho feletseng tšebeliso ea lino tse tahang? Na Jesu ka boeena ha a ka a noa veine, kapa lero la morara le sa taheng le ne le ameha? Ho talimiloe likotsi tse totobetseng tse amehang, na ho ka ba molemo ho Bakreste hore ba tele ho noa joala? Likarabelo lipotsong tsena li ka fumanoa ka ho hlahloba Bibele ka boeona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela