‘Merethetho E Thobang Pelo’
Ka sebele, tsena li lakatsoa haholo linakong tsena tsa pherekano. Mabapi le sena, ’mè e mong ea monyenyane ea tsoang Japane o ngotse tjena mabapi le liboka tsa Lipaki tsa Jehova:
“Ha ke qala ho ea Holong ea ’Muso ’me ke utloa lipina tsa thoriso, ka re ka pelong, ‘ke ’mino o monate hakaakang, . . . merethetho e thobang pelo!’ . . . Ke ne ke ntse ke ipotsa ka nako e itseng hore na ho na le lik’hasete kapa lirekoto tsa lipina tsena tsa thoriso. Haeba ho ne ho e-na le tse teng, ke ne ke tla rata ho li reka. . . . Ke nahana hore lipina tsa thoriso li nepahetse hantle. Haeba re ne re e-na le litheipi, ke ne nka li mamela ha ke etsa mosebetsi oa ka oa lelapa le ha ke bapala le ngoana oa ka, ’me hoo ho ne ho tla ba hotle.”
Re thabela ho bolela hore litheipi tse joalo lia fumaneha. Album e ntle e nang le sehlooho se reng “Sing Praises to Jehovah,” e tšetseng lik’hasete tse robeli tsa ’mino o monate oa piano, e fumaneha feela ka R40. U ka amohela album ea hao ka ho tlatsa le ho romela setlankane sena, hammoho le chelete ea hao.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, album ea “Sing Praises to Jehovah” e nang le lik’hasete tsa ’mino tse robeli. Ke kentse R40.