Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 3/15 leq. 3
  • Na Thapelo e Tšoanela Boiteko?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Thapelo e Tšoanela Boiteko?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rapelang le Phahamisa Matsoho a Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapela re sa Phetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ananela Mpho ea Thapelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Lulang Haufi le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 3/15 leq. 3

Na Thapelo e Tšoanela Boiteko?

KA LABOHLANO, la la 31 Motšeanong, 1985, ho ile ha foka meea ea leholiotsoana karolong e ka boroa ea Ontario, Canada. Moruti e mong ea phelang motseng o monyenyane oa Grand Valley o ile a shebella ha moea o fokang ka sefefo o nka marulelo a ntlo eo a neng a lula ho eona e mohahong o moholo empa ho se letho leo a ka le etsang. Joalokaha ho tlalehiloe koranteng, o “ile a bona mehlolo le mahlomola li etsahala li bapile ha a bona khalefo ea tlhaho e tsoileng taolong.”

Ka sebele, baratuoa le metsoalle ea batho bana ba babeli ba ileng ba bolaoa ke maholiotsoana ba ile ba talima tsena e le mahlomola a tšabehang. Ho bile joalo ka ba bang ba sekete le ho feta, bao meea ena e senyang ea litsokotsane e ileng ea ba siea ba se na matlo. Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba ileng ba pholoha lefu ka lesoba la nale kapa ba pholoha kotsi e mpe ba hlalosa ho pholoha ha bona e le “mohlolo.” Ron le mosebetsi-’moho le eena ke ba babeli har’a bana. Ba ile ba fumana tšireletso karolong e matla ka ho fetisisa ea mohaho oa bona oa liofisi ka temoso ea metsotsoana e mene feela. Kamor’a ho hlalosa ho pholoha ha bona ho makatsang lefung, Ron o itse: “E, ke ne ke lumela ho Molimo pele ’me ka sebele ke lumela ho Molimo hona joale.”

Ho ’nile ha boleloa hore nakong ea koluoa ea tšohanyetso, e sa lebelloang, ‘ho na le ba seng bakae, haeba ba le teng, ba sa lumeleng ho Molimo.’ ’Me haeba ho e-na le nako e lekaneng maemong a joalo, ho etsoa lithapelo tse ngata bakeng sa ho sireletsoa le ho pholosoa.

Ka Sontaha, sa la 21 Phupu, 1985, banna, basali, le bana ba fetang lekholo ba ile ba kopana Holong ea bona ea ’Muso e Sydney, Australia bakeng sa borapeli. Kamor’a pina ea thoriso ho Molimo, ho ile ha etsoa thapelo lebitsong la phutheho. Ha mosebeletsi a qetile metsotso e 15 a qalile puo ea hae ea Bibele hoseng hoo ha Sontaha, ka tšohanyetso ho phatloha ha bomo ha senya khotso, ha mo hlahisa likotsi tse mpe, ha bolaea monna ea neng a lutse setulong se kapele ka holong, ’me ha qetella ka ho kenngoa ha batho ba kaholimo ho 40 sepetlele.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]

Na Thapelo e Etsa Phapang ea Letho?

Liketsahalong tse sa tsoa boleloa ka bobeli—e ’ngoe e hlalositsoe e le “khalefo ea tlhaho e tsoileng taolong” ’me e ’ngoe e le ketso ea bonokoane—li hlahisa lipotso ka bohlokoa ba thapelo. Bohlokoa ba ho rapela ke bofe? Na thapelo e hlile ea sebetsa? Na ho rapela ho tšoanela boiteko?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela