Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 11/1 leq. 7
  • Mamello ea Monna e Kopanya Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamello ea Monna e Kopanya Lelapa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato le Kopanya Malapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Qhala Manyalo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 11/1 leq. 7

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Mamello ea Monna e Kopanya Lelapa

U NE u tla etsa joang haeba u ne u amohetse ’nete ’me molekane oa hao a u hanyetsa ka matla ’me a etsa sohle se matleng a hae ho senya botšepehi ba hao? Na u ne u tla matlafatsoa ke mantsoe a Pauluse ho 2 Timothea 3:12, moo a reng: “Bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa joalo”? Na u ne u tla mamella kapa u ne u tla inehela? Monna e mong oa Mokreste Italy o ile a tobana le phephetso e joalo. Ha a ka a inehela, ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa bakeng sa hoo.

Monna eo ho buuoang ka eena pele-pele e ne e le lekomonisi le chesehang, empa e ne e boetse e le Mok’hatholike ea hloahloa. O ne a lumela hore batho baa lekana ’me a lumela hore mekha ena ka bobeli e ruta boikutlo bona. E mong ho bao a sebetsang le bona o ile a bua le eena ka ’Muso oa Molimo, ’me a hlokomela hang-hang hore ena e ne e le eona feela tsela eo boemo bo lekanang ba batho bo neng bo ka finyelloa ka eona. O ile a nka ’nete ka cheseho e tšoanang le eo a ileng a e bontša bokomonising le Bok’hatholikeng ’me o ile a kolobetsoa ka 1972. Ho thoe’ng ka mosali oa hae? O ile a mo hanyetsa ka matla. Oa bolela:

“E ne e le ka 1970 ha monna oa ka a qala ho kopana le Lipaki tsa Jehova mosebetsing. Butle-butle, ha a ntse a ithuta Bibele, ka hlokomela hore e ne e le bolumeli bo bocha ’me bo na le lintlha tseo ke neng ke sa lumellane le tsona. Hang-hang ’na le litho tse ling tsa lelapa ra qala ho mo hlorisa.”

O tsoelapele: “Batsoali ba monna oa ka ba ne ba mo tloka-tloka, ba sebelisa mokhoa leha e le ofe oo ba ka o khonang ho mo thibela. Ha monna oa ka a ntse a tsoelapele tsebong ea hae ea Bibele, a hlokomela bohlokoa ba ho tlosa litšoantšo lelapeng la rōna. Ka ’molella hore haeba a ka etsa joalo ntho e ’ngoe e kotsi e tla etsahala. A senya setšoantšo sa bolumeli, ’me ka bohale bohle ka mo tšufula ka mantsoe ka ba ka mo lalomela ho mo otla eaba ke tabola limakasine tsa hae tse ngata. Ha ke ntse ke tlerohile, bo-matsale ba ka ba kena ba matha ’me le bona ba mo hloa holimo, empa ha aa ka a iphetetsa.

“Likhang tsa tsoelapele ho fihlela ha a thibela morali oa rōna ho ea katikisimeng kerekeng, ka itsamaela. Monna oa ka o ile a mpolella hore haeba ke sa khutlele lapeng, o tla etsa qoso ea ho lahla tšireletso ea monna. Kamor’a beke ka rera ho khutla.

“Ha ke ntse ke tsoelapele ho leka ho mo thibela, ka ea ho ngaka ea moea ’me ka kōpa hore e mo loee. Ngaka ea qala ho mpotsa lipotso, ’me ka e manollela boemo. Ha e ithutile bona, ea mpolella hore ha ho mofuta leha e le ofe oa boloi o ka sebetsang ka tsela leha e le efe ho e mong oa Lipaki tsa Jehova.

“Re ile ra nahana ka ho ea ho moprista oa moo. Moprista a re eletsa ho ea ho ’muelli oa molao. Ho makaleng ha ka ’muelli oa molao a nkhothaletsa ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova le monna oa ka. Matsale oa ka oa monna, ea neng a e-na le ’na a hanyetsa ka hore lelapa la hae le inehetse haholo ho San Rocco, ‘Mosireletsi’ oa toropo ea rōna. Leha ho le joalo, ’muelli oa molao a hlalosa hore ‘mohalaleli’ enoa, joaloka litšoantšo tse ling tse rapeloang, ke bohata. O ile a itsebahatsa e le molula-setulo oa Mokhatlo oa K’hatholike, ’me a re bolella hore ha a kopanele ho hang meketeng ea bolumeli hobane, hoba a bale Bibele, o ne a tseba hore bahalaleli bana ke bohata. Ha a qetella, o ile a re: ‘Tsamaea le monna oa hao ’me le be le khotso. Mo mamele, ’me le uena u qale ho ithuta Bibele.’

“Ka khothatso ena, ka nahana ka boitšoaro, liphetoho, le mamello tsa monna oa ka, ka hona ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ’moho le eena. Ke susumelitsoe ke lerato leo ke le bontšitsoeng moo, ka ithuta, ka ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me ka qala ho ea tšebeletsong ea tšimo. Qetellong, ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ka 1977 ’me hona joale ke thabile hore e be ke ’neteng, ke leboha Jehova ea ileng a thusa monna oa ka ho mamella le ho kopanya lelapa lohle borapeling ba Hae.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela