Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 6/15 leq. 32
  • O Ile a Siuoa ke Bese

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Siuoa ke Bese
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 6/15 leq. 32

O Ile a Siuoa ke Bese

KA LETSATSI le leng James o ile a bona morali oa hae Rebecca a tsamaea butle ka ho sa tloaelehang ho ea tšoara bese ea sekolo. Le hoja Rebecca a ne a bona hore bese ke eo e e-tla, o ile a tsamaea butle le ho feta ’me a etsa ka boomo hore bese e mo siee.

Mantsiboeeng ’ona ao James le mohats’a hae, Veronica, ba tšohla taba eo ka ho ikhopotsa pale ea “Jonase le Hlapi e Khōlō” ho tsoa ho Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. E ne e le e ’ngoe ea tseo Rebecca a li ratang ka ho fetisisa. Ha ba qetile pale eo, batsoali ba e kenyelletsa bothateng ba morali oa bona. Ka sebele o ile a utloisisa a ba a re: “Le hoja Jonase a ile a baleha ’me a kena khathatsong leoatleng, ’me a koenngoa ke tlhapi a ba a hlatsetsoa kantle—mosebetsi oa hae bakeng sa Jehova o ne o ntse o mo emetse hore a o etse.”

Letsatsing le latelang Rebecca o ile a ea sekolong ka boikutlo bo bocha ’me a kentse Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka lehafing.

U ka ’na ua fumana kopi ea khatiso ena e nang le litšoantšo tse ntle, e mongolo o moholo, e maqephe a 256 ka ho tlatsa le ho romela setlankana sena.

Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e sekoahelo se thata, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, eo ke kentseng R6 bakeng sa eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela