Merusu e ke ke ea Emisa Litaba Tse Molemo
KA LETSATSI le leng ka Tlhakola lemong sena, litaba tse ncha tsa moruo tsa Venezuela tseo esale li lebelloa li ile tsa phatlalatsoa. Litheko li ne li phahama ho feta karolo ea 100 lekholong linthong tsa motheo tse amanang le lijo joaloka lebese, phōfō ea koro, le bohobe. Litheko tsa mafura a likoloi li ne li tla phahama ka karolo ea 90 lekholong. Litefello tsa lipalangoang li ne li lumelletsoe ho nyolohela ho karolo ea 30 lekholong. Naha e ne e tsielehile. Ka ’Mantaha, la 27 Tlhakola, ka tšohanyetso batho ba arabela ka ho etsa moferefere sechabeng sohle.
Hoseng ho latelang, lintho li ne li fihlile sehlohlolong sa tšenyo le ho ikhapela lintho ka mahahapa. Lithunya li ne li luma libakeng tse ’maloa. Ba bacha le ba hōlileng ba ne ba feta literateng tsa motse ba halefile, ba siea ba entse mophula oa tšenyo e neng e bontša liphello tsa lebala la ntoa.
Mantsiboeeng ao mopresidente oa naha o ile a phatlalatsa boemo ba qomatsi ’me a fanyeha litšepiso tsa molao oa motheo ka matsatsi a leshome. Thibelo e ile ea etsoa ea ho tsamaea pakeng tsa hora ea botšelela mantsiboea le hora ea botšelela hoseng. Letsatsing le latelang, letona la tšireletso le ile la phatlalatsa hore thibelo eo ea ho tsamaea e ne e tla tsoela pele e sebetsa ho fihlela ho etsoa tsebiso e ’ngoe hape. Sesole se ile sa sebelisa matla a sona ho laola literata, ho kena malapeng ntle ho tumello, le ho emisa batho. Koranta e ’ngoe ea litaba e ile ea tlaleha: “Ho shoele batho ba makholo a mabeli ’me ba sekete ba ntšoa likotsi matsatsing a mararo a merusu.”
Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ne li tsoela pele joang nakong ea tsietsi ee? Baena ba ne ba elelitsoe: E-bang masene ’me le qobe libaka tse nang le khathatso. Fetolang nako ea liboka hore e lumellane le thibelo ea ho tsamaea, ’me le qobe ho bolela lihlopheng tse khōlō. Empa, ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho ile ha tsoela pele.—Mattheu 24:14; 28:19, 20.
Kaha monna ea sa lumelang oa mosali e mong ea itseng oa Mokreste a ne a khathatsehile ka boiketlo ba mosali haeba a ne a ka tsoa ka tlung ho ea bolela, o ile a mo hanela ho tsamaea. Mosali a ’molella: “Ha u utloisise hore ke tlamehile ho phetha. Kahoo tlo he! ke tlil’o ithuta Bibele le uena!”
Lena e ne e le lekhetlo la pele lilemong tsa mosali enoa tse 22 e le Paki, hore monna oa hae a bontše takatso ea ho ithuta Bibele. Ho ntse ho le joalo o ile a lemosa: “Ho lokile, ha feela u tšepisa hore u ke ke ua tsoela ka ntle. Empa u se ke ua mpotsa lipotso, u mpalle feela.” Leha ho le joalo, khaitseli o ile a ithuta le eena hora le halofo. Ha a ntse a seka meokho, o ile a re: “E ne e le thuto e ikhethang, thuto e molemohali eo nkileng ka ba le eona lilemong tsa ka tse 22 ke le ’neteng.”
Ketsahalong e ’ngoe, pula-maliboho oa ka mehla o ne a ntse a fiela moo ho tsamauoang teng ka ntle ha hae ha a atameloa ke mosali eo ka tloaelo a neng a ke ke a mamela Lipaki ha li mo etetse ha hae. Mosali eo o ile a re: “Lōna Lipaki ha ke e-s’o le bone le bolela morao tjena. Le se ke be la mpolella hore ha le sa tla hlola le bolela!”
Khaitseli o ile a hlalosa hore ba ne ba khaolitse ho bolela ka ntlo le ntlo nakong ea moferefere feela. Khaitseli o ile a re: “Empa ho tla tla letsatsi leo ka lona re seng re se na ho hlola re bolella batho, ’me hoo ho tla bolela bofelo ba lefatše. U lokela ho nka monyetla hona joale ’me u amohele thuto ea Bibele ha hao.”
Mosali eo o ile a botsa kapele: “Re ka etsa litokisetso neng?” Hona hoo feela ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho qalisa thuto ea lehae ea Bibele.
Ka ho thabisang, morusu o ile oa fela, ho lumella litaba tsa naha ho khutlela malulong. Leha ho le joalo, nakong e joalo ea tsitsipano, ke ho tšelisang ho tseba hore haufinyane lefatše le lecha la boiketlo le tšireletseho le tla ba teng. Lentsoe la Molimo lea tšepisa: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) ’Me ha feela Molimo o ntse o lumelletse, Lipaki tsa Jehova li tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Morusu ha o-oa ka oa emisa baboleli ba ’Muso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Setšoantšo se nkiloe Publicaciones Capriles, Caracas, Venezuela.