Na Ngoan’a Hao o na le Peeletso ea Botho?
E LE ho hlaolela takatso ea ho ithuta ka hare ho bana ba bona, batsoali ba bohlale ba etsa hore lingoliloeng tse molemo li fumanehe habonolo bakeng sa bana ba bona. Ka mohlala, ba bangata ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba na le peeletso ea botho bakeng sa koranta ea Bibele ea Molula-Qhooa, e sebelisoang e le motheo oa lipuisano tsa Bibele tsa beke le beke libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Empa ke ha ngoana a le lilemo li kae a ka lokisetsoang peeletso ea botho?
Pejana selemong sena, lengolo le latelang le ile la amoheloa le tsoa ho ’mè e mong: “Peeletso ena ke ea mora oa rōna ea lilemo li peli. O tlameha ho ba le kopi eo e leng ea hae nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa. Ke lekile ho mo fa e ’ngoe ha re ne re se na kopi e kathōko, empa o ne a ee a hlokomele hore litšoantšo ha li tšoane, ’me o ne a batla tokollo eo re e sebelisang. Ke kholisehile hore litšoantšo tse mebala e metle li khahla esita le ngoana e monyenyane ’me li tla hōlisa kananelo ea hae ea bonyenyaneng ea lijo tsa moea tseo a e s’o khone ho li utloisisa hajoale.”
Ke hobane’ng ha u sa etse bonnete ba hore e mong le e mong oa bana ba hao o na le peeletso ea botho bakeng sa Molula-Qhooa? Fumana peeletso ea selemo ka ho tlatsa le ho romela setlankana sena, ’moho le R12.
Ka kōpo romellang Molula-Qhooa. Ke kentse R12.