“Bohle ba Mabitleng a Khopotso”
NA U ka kholiseha hore ba bangata ba shoeleng ba tla phela hape? E, hobane Jesu o itse: “Le se ke la makalla sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29, NW) Hlokomela polelo “mabitleng a khopotso,” eo e leng New World Translation feela e e sebelisang. E re hopotsa bohlokoa ba mohopolo oa Molimo tsohong.
Ke hobane’ng ha phetolelo e tloaelehileng, “mabitleng,” e sa sebelisoa? Hobane Jesu ha aa ka a sebelisa lentsoe le ka bongateng bakeng sa lentsoe la Segerike taʹphos, le bolelang “lebitla” kapa “’nģalo ea bafu.” Ka sebele, hase bohle ba kileng ba shoa ba patiloeng mabitleng a sebele, kapa taʹphoi. Leha ho le joalo, bao Molimo o tla ba khutlisa tsohong ba ntse ba le teng mohopolong oa oona. Sena se bontšitsoe ke ho sebelisa ha Jesu lentsoe le ka bongateng mne·meiʹon, le amanang haufi-ufi le mantsoe a Segerike ao ha e le hantle a bolelang “ho hopola.” (Mattheu 16:9, NW; Mareka 8:18, NW) Greek-English Lexicon ea H. G. Liddell le R. Scott e fetolela mne·meiʹon e le “sehopotso, khopolo, tlaleho ea motho kapa ntho, . . . lebitla, . . . ka tloaelo, seemahale.”
Ka hona, New World Translation e bontša phapang pakeng tsa mantsoe taʹphos le mne·meiʹon. Hape ho lokela ho hlokomeloe hore ka ho tšoanang liphetolelo tse ngata tsa Bibele li sebelisa lipolelo tse peli tse fapaneng ho Mattheu 23:29 moo ho hlahang mantsoe ao a Segerike ka bobeli. Revised Standard Version e a fetolela ka tsela e latelang: “Le haha mabitla [mofuta oa taʹphos] a baprofeta ’me le khabisa liemahale [mofuta oa mne·meiʹon] tsa ba lokileng.”
’Mōpi oa motho ha a lebale mekhoa ea bophelo ea batho ba likete tsa limillione ba kileng ba phela. (Pesaleme ea 139:16, NW; 147:4; Mattheu 10:30) Ka nako ea hae e loketseng, o tla hopola ba “mabitleng a khopotso” ’me a ba khutlisetse bophelong lefatšeng le hloekisitsoeng. Re khothala hakaakang le ho tšeliseha ka ho tseba hore mohopolo o phethahetseng oa Molimo o ke ke oa hlōleha!—Tšenolo 20:11-13.