“Polokelo ea matlotlo a lipotso le likarabo”
Ke seo mosali e mong oa Pittsburgh, Pennsylvania, a ileng a se bitsa buka ea litšupiso Ho Bea Mabaka ka Mangolo. O ile a hlalosa: “Haufinyane ke ile ka eteloa ke ba babeli ba Lipaki tsa Jehova lapeng la ka. . . . Ka phoso e mong o ile a siea (lapeng la ka) buka e nang le sehlooho se reng Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Ke tlameha ho lumela hore ke ile ka hlahlobisisa buka eo! Ke ile ka lula fatše ka e bala ka lihora tse ngata. E ile ea nkhahla haholo. . . . Ho ’na buka ena e ne e tšoana le polokelo ea matlotlo a lipotso le likarabo, tseo tse ngata tsa tsona ke ’nileng ka ipotsa tsona.”
U ka amohela kopi ea botho ea khatiso ena ea bohlokoahali e theiloeng Bibeleng e tla fana ka likarabo lipotsong tse makholo-kholo tse nakong. E na le lihlooho tse khōlō tse fetang 70. Li akarelletsa “Ho Ntšoa Hoa Mpa,” “Lithethefatsi,” “Matsatsi a Phomolo,” “Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama,” “Ho Tsoaloa Hangata,” “Botona kapa Botšehali,” “Tšebelisano le Meea e Mebe,” le tse ling tse ngata. Tšupiso ea eona ea litaba le mangolo e maqephe a supileng e ka u thusa ho fumana likarabo ka potlako.
Ena ke karolo ea mosebetsi oa thuto ea Bibele ea lefatše lohle o tšehelitsoeng ka menehelo ea boithatelo.
Ke lakatsa ho fumana buka e sekoahelo se thata—Ho Bea Mabaka ka Mangolo.