Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
Ian Boyne, mongoli oa bolumeli ho The Sunday Gleaner, Jamaica, West Indies, o ile a bua ka bukana e boholo ba makasine ea morao-rao e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, har’a tse ling o itse:
“Lipaki li lokeloa ke maemo a ‘A’ bakeng sa tokomane ena eo, le hoja e ngotsoe ka mokhoa o bonolo hoo mocha a ka e balang, e khabisitsoe—e seng ka mokhoa o fetelletseng—ka mantsoe a qotsitsoeng ho tsoa mehloling le ho litsebi tse hlomphehang. . . . Tokollo ea Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? ke mohato oa botsebi oa Lipaki ’me hona joale ha ho ea lumelang Boraro-bo-bong—kapa bobeli-bo-bong—ea sireletsehileng. Bukana e bokella mantsoe a mangata a qotsitsoeng ho tsoa mehloling ea histori le ea thuto ea bolumeli ho bontša hore thuto ea Boraro-bo-bong ha ea nkoa Bibeleng. E qotsa Encyclopedia of Religion ea molao e le e reng, ‘Baruti ba thuto ea bolumeli baa lumellana hore Testamente e Ncha le eona ha e-na thuto e hlakileng ea Boraro-bo-bong.’”
Boyne o boetse oa hlokomela: “Ke ho thata ka ho fetisisa ho mongoli enoa oa bolumeli ho bona hore na setho se tloaelehileng—kapa esita le setho sa bolumeli se ka holimo ho se tloaelehileng—ke joang se ka arabelang litaba tse susumetsang le tse laolang tse hlophuoeng ke Lipaki khahlanong le pono ea hore Jesu ke Molimo.”
Haeba u lakatsa ho fumana kopi ea bukana ena e boholo ba makasine, ka kōpo tlatsa setlankane se latelang ’me u se romele.
Ke rata ho fumana bukana e boholo ba makasine e maqephe a 32 Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 32]
Musée du Louvre, Paris
Museo Egizio, Turin
Musée des Beaux-Arts de Troyes
Museo Bardini, Florence
Musée du Louvre, Paris