O Ile a Fumana Pampitšana Seporong
SELEMO e ne e le sa 1921. Lihlabeng tsa Teransefala, profensi ea Afrika Boroa, sehlopha sa banna ba lokisang seporo se ne se sebetsa seporong sa terene se selelele. Molaoli oa sehlopha, e leng Moafrikanere ea bitsoang Christiaan Venter, o ile a hlokomela sekhechana sa pampiri se pitliloe ke seporo. E ne e le pampitšana e hatisoang ke Watch Tower Bible and Tract Society.
Ka mor’a hore a laele banna ba hae hore ba emise, Christiaan o ile a bala pampitšana ka thahasello e khōlō. A matha ho ea bona mokhoenyana oa hae, Abraham Celliers, ’me a tsebahatsa ka thabo: “Abraham, kajeno ke fumane ’nete!”
Nakoana ka mor’a moo, ba ile ba ngolla bahatisi ba pampitšana eo bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng. Ha le arabela, lekala la Afrika Boroa la Mokhatlo oa Watch Tower le ile la romela libuka tsa Bibele tse eketsehileng. Banna bana ba babeli ba ile ba ithuta hammoho nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare le ka lihora tsa bosiu bo boholo. Kapelenyana ba ile ba qala ho arolelana ’nete le metsoalle ea bona le batho bao ba sa ba tsebeng.
Qetellong, Christiaan le Abraham e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova tse inehetseng. Ka lebaka la cheseho ea bona le botšepehi ba bona, Maafrika Boroa a mangata a ile a thusoa ho ba le tsebo ea ’nete. Ho feta moo, litloholo tsa bona tse fetang lekholo ke Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo kajeno! Se seng sa tsona se sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York, ’me se seng se sebeletsa liofising tsa Mokhatlo oa Watch Tower tse Afrika Boroa.
Kajeno, lilemo tse ka bang 70 hamorao, lipampitšana tsa Bibele li tsoela pele ho etsa karolo ea bohlokoa ho haseng molaetsa oa ’Muso.