“Li Thusa Joaloka Tataiso ea Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi”
Ke seo mosali e mong ea tsoang Toronto, Canada, a ileng a se bolela ka lingoliloeng tsa Watch Tower Bible and Tract Society. “Ke thabela ho li bala ’me ke fumana boitsebiso ba tsona e le bo rutang, bo khothatsang, ’me ka holim’a tsohle ke fumana kaofela li thusa joaloka tataiso ea bophelo ba letsatsi le letsatsi.”
O ile a phaella: “Ke fumane mangolo a thuto ea univesithi, ’me ke tlameha ho lumela ke maketse hore ke ithutile ho hongata ka lingoliloeng tsa lōna ho feta lilemo tseo esale ke ithuta ka tsona. Haholo-holo ke thabetse buka ea lōna e reng Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. Ha ho na lingoliloeng tse ling tse khonneng ho ba le tšusumetso e tiileng joalo bophelong ba ka joaloka tsena tsa lōna—li nthusitse haholo; ’me ke le leboha haholo ka sena.”
Buka e boletsoeng ka holimo, Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, e fana ka litlhahiso tse tobileng tse thusang ho rarolla mathata le hore lenyalo le thabise joalokaha ’Mōpi a ne a le reretse joalo. Hore u iphumanele kopi ea hao, tlatsa ’me u romelle setlankane se latelang.
Ke rata ho fumana buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 ea Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)