Limillione Lia ea. Na le Uena Ua ea?
Li ea kae? Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste se ketekoang selemo le selemo. Selemong sa 1990 ho bile teng ba 9 950 058. Ke hobane’ng ha batho ba ea? Ka baka la seo lefu la Kreste le se bolelang molokong oa motho. Le bolela hore haufinyane ho tla ba le tokoloho ho kuleng, bohlokong, le lefung. Esita le baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla boela ba phele lefatšeng le buselitsoeng boemong ba Paradeise. Ke joang lefu la Jesu le ka tlisang mahlohonolo a joalo? U memeloa ho tla fumana karabo. Lipaki tsa Jehova lia u amohela hore u tl’o ba le tsona ketsahalong ena ea bohlokoa. E-ea Holong ea ’Muso e haufi le lehae la hao. Selemong sena letsatsi la ho keteka ke Moqebelo, oa la 30 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Botsa Lipaki tse sebakeng sa heno bakeng sa nako e nepahetseng.