Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Jehova o Fana ka Thuso
MORAO tjena, Lipaki tsa Jehova Afrika Boroa li ile tsa fumana tlaleho ea koluoa ea baena ba tsona ba moea naheng e haufi le moo eo mosebetsi oa bona oa boboleli o thibetsoeng. Ba ile ba tlaleheloa hore ka lebaka la komello e khōlō, baena ba bona ba ne ba phela ka ho ja metso e itseng ea lifate. Ba ne ba boetse ba hloka liaparo tse loketseng, e leng ntho e neng e etsa hore Lipaki tse ling li be leqe ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.
Kapele-pele baena Afrika Boroa ba ile ba arabela. Ho ile ha etsoa khoeletso liphuthehong tsa sebaka seo tikolohong ea Johannesburg mabapi le tlhokahalo ea liaparo. Matsatsing a seng makae, ho ne ho se ho nehelanoe ka litone tse tharo tsa liaparo. ’Me liphahlo tseo li ile tsa hlophisoa ke basebetsi ba baithaopi. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho romela litone tse tharo tsa linaoa, tone e le ’ngoe ea oli, tone e le ’ngoe ea sesepa, le litone tse 17 tsa phoofo ea poone. Ha k’hamphane e neng e tlisitse phofo ea poone e utloa ka tsietsi ea Lipaki naheng e oetsoeng ke komello, e ile ea nehelana ka karolo e fetang tone ea lijo tsena tse hlokahalang haholo.
Ka ’Mantaha, April 16, 1990, teraka e laetseng phahlo ea litone tse 25 tsa lijo tsa thuso e ile ea tloha Afrika Boroa ea kena leetong la eona la lik’hilomithara tse 5 500. Empa joale tumello e ne e lokela ho fumanoa ho ba boholong hore phahlo e kenngoe naheng ea bona e tsekollotsoeng ke ntoa.
Ba boholong ofising ea moemeli oa naha ba ile ba re le hoja Lipaki tsa Jehova li sa tsejoe ka molao naheng ea bona, ba hlokometse ho ba teng ha tsona. Ho ke ke ha ba le khanyetso ea ho romella baena ba rōna thuso. Ho ile ha fanoa ka tumello. Litokomane tse hlokahalang li ile tsa fanoa, ’me ka Labohlano, April 20, Lipaki li ile tsa tšela moeli ntle ho bothata. Leha ho le joalo, li ile tsa kopana le lithibelo tsa ’mileng tse fetang 30, moo hangata li neng li kōptjoa ho hlahisa litokomane tsa tsona. Ke hona moo li ileng tsa elelloa hore na litokomane tseo li ne li le bohlokoa haholo hakae.
Ka mor’a hore li tsamaee lik’hilomithara tse ka bang 140 ka har’a naha, tsoelo-pele ea tsona e ile ea thibeloa ke nōka e khōlō e neng e jele litlhokoa. Borokho ba pele bo ne bo senyehile, ’me borokho ba nakoana bo neng bo entsoe sebakeng sa bona bo ne bo ke ke ba sebelisoa ke teraka e khōlō. Leha ho le joalo, ba fumana hore koloi e nyenyane e tsamaeang le teraka e ka tšela borokho bo jeleng litlhokoa ka polokeho. Ho ile ha etsoa qeto ea hore ho arohanoe lihlopha tse peli. Kampo e ile ea hlongoa nōkeng e jeleng litlhokoa bakeng sa sehlopha se seng, ha sehlopha se seng se tsoela pele tseleng ea sona ho kopana le baena lik’hilomithara tse ka bang 260 hōle ka ’nģa leboea. Ba ne ba thabile hakaakang ha qetellong ba kopana le baena! Ba ne ba sa khone ho khaotsa ho bososela, ho kopana le ho lumelisana ka matsoho. Kapele literaka tse peli tsa sebaka sa moo li ne li le tseleng ea tsona ho il’o kopana le sehlopha se seng sa baena se emeng pel’a nōka. Mono, thuso ea lijo e ile ea ntšoa terakeng e khōlō ’me ea kenngoa literakeng tse peli tse nyenyane.
Litlaleho tse fumanoeng li bontša kananelo e tebileng ka tokisetso ea Jehova ea thuso ea lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, sello sa baena bakeng sa lijo tsa moea se ne se le seholo ho feta, ho sa tsotellehe koluoa ea bona ’meleng. Phutheho e ’ngoe e ne e sebelisa Molula-Qhooa o le mong feela, o neng o lokela ho kopitsoa bakeng sa lelapa le leng le le leng. Re isa liteboho ho Jehova, litokisetso li ntse li tsoela pele hona joale ho fana ka lijo tsa moea ka mokhoa o tsoelang pele ho baena ba naheng eo.