Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ke “molemo” ofe oo moapostola Pauluse a neng a re ha a khone ho o etsa joalokaha a boletse ho Ba-Roma 7:19, NW?
Ha e le hantle, Pauluse o ne a bua ka ho sitoa ha hae ho etsa lintho tsohle tse molemo tse boletsoeng Molaong oa Moshe. Hoo ho ne ho sa khonehe bakeng sa Pauluse le ba bang bohle, hammoho le rōna, ka lebaka la ho se phethahale le boetsalibe. Empa ha ho hlokahale hore re nyahame. Sehlabelo sa Kreste se butse tsela bakeng sa ho tšoareloa ke Molimo le ho ba le boemo bo botle le Oona.
Ba-Roma 7:19, (NW) e baleha tjena: “Hobane molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke bo etsang.” Taba e potolohileng temana e bontša hore Pauluse o ne a bua haholo-holo ka “molemo” ka kutloisiso ea se neng se ngotsoe Molaong. Temaneng ea 7, (NW) o ile a re: “Na Molao ke sebe? Le ka mohla ho se ke ha e-ba joalo! Nka be ke sa ka ka tseba sebe haeba e ne e se ka Molao; ’me, ka mohlala, nka be ke sa ka ka tseba takatso haeba Molao o ne o sa ka oa re: ‘U se ke ua lakatsa.’” E, Molao o ile oa senola hore kaha ba ne ba sa khone ho o boloka ka ho phethahetseng, batho bohle e ne e le baetsalibe.
Pauluse o ile a tsoela pele ho bolela hore ‘o kile a phela ka ntle ho molao.’ Ho bile joalo neng? Ha a sa ntsane a le lethekeng la Abrahama pele Jehova a fana ka Molao. (Ba-Roma 7:9, NW; bapisa le Ba-Heberu 7:9, 10.) Le hoja Abrahama a ne a sa phethahala, Molao o ne o e-s’o fanoe, kahoo o ne a sa hopotsoe boetsalibe ba hae ka ho hlōleha ho phetha litaelo tsa ’ona tse ngata. Na sena se bontša hore hang ha Molao o se o fanoe ’me o bontšitse ho se phethahale ha batho, o ile oa hlahisa liphello tse mpe? Che. Pauluse o ile a tsoela pele: “Ha e le molao, oona oa halalela, le taelo ea halalela, e lokile, e molemo.”—Ba-Roma 7:12.
Hlokomela hore Pauluse o hlalositse Molao o “halalela” ’me o le “molemo.” Litemaneng tse latelang, o ile a hlalosa hore “se leng molemo”—Molao—se senotse hore ke moetsalibe, ’me sebe sena se ile sa etsa hore a tšoaneloe ke lefu. Pauluse o ngotse: “Molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke bo etsang. Joale, haeba seo ke sa se lakatseng e le sona seo ke se etsang, ha e sa le ’na ea se etsang, empa e se e le sebe se phelang ka ho ’na.”—Ba-Roma 7:13-20, NW.
Joale, tabeng e potolohileng litemana tsena, Pauluse o ne a sa bue ka molemo ka kakaretso, kapa liketso feela tse mosa. (Bapisa le Liketso 9:36; Ba-Roma 13:3.) O ne a bua haholo-holo ka ho etsa (kapa ho se etse) lintho tse neng li lumellana le Molao oa Molimo o molemo. Pejana o ne a chesehela bolumeli ba Bojode ’me—ha a bapisoa le ba bang—o ne a “se na seo a ka nyatsuoang ka sona.” Leha ho le joalo, esita le hoja kelellong ea hae e ne e le lekhoba le seli la Molao oo o molemo, o ne a ntse a sa ikokobeletse ’ona ka ho felletseng. (Ba-Filippi 3:4-6) Molao o ne o senola litekanyetso tsa Molimo tse phethahetseng, o bontša moapostola hore nameng ea hae e ne e sa ntsane e le lekhoba la molao oa sebe ’me kahoo o ne a nyatsitsoe ho isa lefung. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a ka thabela hore ka sehlabelo sa Kreste o ile a boleloa a lokile—a lokolloa molaong oa sebe le phello ea sona e tšoanelehang, kahlolo ea lefu.—Ba-Roma 7:25.
Bakreste kajeno ha ba ka tlas’a Molao oa Moshe, hobane o ile oa khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso. (Ba-Roma 7:4-6; Ba-Kolosse 2:14, NW) Leha ho le joalo, re etsa hantle ha re hlokomela hore e ne e se feela molao o boima oo le rōna re ka ’nang ra se o ele hloko. Che, ha e le hantle Molao o ne o le molemo. Ka hona re na le lebaka la ho bala libuka tsa Bibele tse nang le Molao le ho ithuta hore o ne o batla eng ho Iseraele. Haufinyane Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li tla be li etsa sona seo ka ho bala ’malo oa Bibele oa beke le beke.
Ha re ntse re bala Molao, re tšoanela ho nahanisisa ka melao-motheo ea melaoana ea oona e fapa-fapaneng le ka melemo eo batho ba Molimo ba ileng ba e fumana ha ba ntse ba leka ho latela litaelo tseo tse molemo. Hape, re lokela ho utloisisa hore ha rea phethahala, kahoo ha re khone ho utloisisa ka ho felletseng molemo oo re ithutang ’ona Lentsoeng la Molimo. Empa ha re sa ntsane re loana le molao oa sebe, re ka thabela tebello ea ho pholosoa ka ho sebelisoa ha sehlabelo sa Kreste ho rōna.