Ho Tla Etsahala’ng ka Libaka tsa Bokreste-’mōtoana tse Halalelang?
BAHATISI ba buka Holy Places of Christendom, ka moepolli oa lintho tsa khale Stewart Perowne, baa botsa: “Ke mang eo, ho sa tsotellehe neano ea Bokreste eo a hlahang ho eona, ea ka emang Thoteng ea Lehata Kerekeng ea Tsoso [kapa, Kerekeng ea Lebitla le Halalelang] Jerusalema ka ntle le ho ba le boikutlo ba hlompho e kopaneng le tšabo: hobane mona sebakeng se hlomphiloeng le ho loaneloa ka makholo a lilemo e hlile ke setsi sa Bokreste-’mōtoana.”
Ha ho motho ea atlehileng ho tiisa hore kereke ena e hahiloe Thoteng ea Lehata, moo Jesu Kreste a ileng a shoela teng. Ha e le hantle, pele ’musisi Constantine oa Roma a etsa qeto ea ho haha kereke moo, tempele ea bahetene e ne e hahiloe sebakeng seo. Ho phaella moo, Jesu o itse: “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Barapeli ba joalo ha ba hlomphe libaka tse bonahalang tse “halalelang.”
Ka nako e ’ngoe, Jerusalema e ne e le sebaka seo tempele ea Molimo e neng e le ho sona ’me kahoo e le setsi sa borapeli bo hloekileng. Leha ho le joalo, ka baka la ho se tšepahale ha baahi ba motse oo, Jehova Molimo o ile a e lahla, joalokaha Jesu a boletse esale pele. (Mattheu 23:37, 38) Jesu le eena o ile a bolela esale pele ka tšenyeho ea setsi seo sa bolumeli, seo ba bangata ba ileng ba tsoela pele ho se talima e le sebaka se halalelang. Mantsoe a hae a ile a phethahala ha Baroma ba felisa Jerusalema le tempele ea eona ka 70 C.E.—Mattheu 24:15, 21.
Haufinyane boprofeta ba Jesu bo tla ba le phethahatso e khōloanyane holim’a puso eohle ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana, eo bo bolelang hore ke sebaka se halalelang. Hona joale Bokreste-’mōtoana le libaka tsa bona tse halalelang bo talimane le ho felisoa ke matla ao eseng a bolumeli a bitsoang “manyala a bofeliso.” (Daniele 11:31) Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u fa boitsebiso bo mabapi le kamoo ketsahalo ena e tšosang e tlang ho etsahala ka teng.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Tempele e ka har’a Kereke ea Lebitla le Halalelang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.