Ho Romela Liphallelo Ukraine
LITLALEHO tse soabisang li ile tsa boela tsa hasoa hohle mecheng ea litaba. Pherekano ea moruo, khaello ea lijo, le tlala li aparela lefatše—hona joale li aparetse likarolo tsa sebaka seo pele se neng se bitsoa Soviet Union. Haufinyane Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ile sa kōpa ofisi ea Lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Denmark hore e hlophise thuso bakeng sa Lipaki tse leng Ukraine. Baena ba Denmark ba ile ba etsa joang?
Ba ile ba qala ho sebetsa hang-hang! Kapele-pele ofisi ea lekala e ile ea romela baena ho ea fuputsa li-’marakeng lijo tse neng li ka fumanoa ka litheko tse ntle. Liphutheho tsohle tsa batho ba Jehova Denmark, li ile tsa tsebisoa ka tlhoko ena. Lekala lea tlaleha: “Liphutheho tsohle li ne li ikemiselitse haholo ho fana ka menehelo. Qetellong, re ile ra tseba ho fana ka bopaki bo bonahalang ba kutloelo-bohloko eo re neng re e-na le eona ho batho bao ba hlomohileng.” Literaka tse hlano hammoho le livene tse peli le bakhanni ba baithaopi ba 14 li ile tsa fihla Denmark ka Moqebelo, December 7, 1991. Basebeletsi ba lekaleng ba ile ba tlatsa literaka ka lijo tseo ba li rekileng.
Ka ’Mantaha motšehare oa mantsiboea, December 9, sehlopha sa ba khannang literaka sa kena leetong le lelelele le pholletsang le Europe ho ea Ukraine. Lekala lea ngola: “E bile pono e amang maikutlo ha lelapa lohle la Bethele le ba lumelisa. Ka ho tseba hore bongata ba ba neng ba isa thuso ba ’nile ba hlaseloa, re ile ra hopola baena ba rōna lithapelong tse ngata hohle.”
Ka December 18 ho tšoenyeha ha rōna ha fela. Lekala la Denmark le ile la tsebisoa hore sehlopha sa ba khannang literaka se fihlile se sireletsehile Lviv, Ukraine. Baena Ukraine ba ne ba fumane thuso. Ba ile ba ikutloa ba lopollotsoe hakaakang ha ba theosa terakeng liphutheloana tse 1 100 tse lekanang lelapa ka leng, tsa boholo ba lik’hilograma tse 20—sephutheloana ka seng se tšetse nama, folouru, reisi, tsoekere, le lijo tse ling! Ka kakaretso, sehlopha sa ba khannang literaka se ne se tlisitse thepa ea boima ba litone tse 22. Lekala la Denmark lea ngola: “Thabo ea rōna e khōlō, ha re ntse re leboha Jehova ka tšireletso ea hae leha a re nehile monyetla ona oa ho fana ka thuso.”
Hape ho ntse ho reroa ho romela liaparo. Lekala le tlaleha hore le tabeng ena, “karabelo ea liphutheho e bile e tsotehang.” Ka sebele Jehova ‘o ruisa batho ba hae hore ba tsebe ho fana ka matsoho a mabeli.’ (2 Ba-Korinthe 9:11) Le bona ka ho tšoanang, ba utloa thabo e khōlō e tlisoang ke ho neha baena ba bona le bo-khaitseli ka seatla se bulehileng. Lerato leo ba le bontšang ka ho etsa joalo ke letšoao la balateli ba Jesu. (Johanne 13:35) Lerato le joalo le bonoa ka seoelo lefatšeng lena le hlokang.