Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 4/15 maq. 3-4
  • Re Hloka Motho ea tla Mamela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Hloka Motho ea tla Mamela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • “Likōpo Tsa Lōna Tse Matla li ke li Tsebisoe Molimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 4/15 maq. 3-4

Re Hloka Motho ea tla Mamela

JOALOKA batho, re leka ho fumana thabo le khotsofalo bophelong. Empa ha mathata a botho a hlaha, ke ho thusang le ho tšelisang hakaakang ho ba le motho eo re ka ’molellang mathata a rōna!

Dr. George S. Stevenson o re: “Ho bolela lintho ho u imolla khatellong ea hao, ho u thusa ho bona se u khathatsang ka ho hlakileng haholoanyane, hangata ho u thusa ho bona hore u ka etsang ka sona.” Dr. Rose Hilferding o hlokometse: “Kaofela re lokela ho arolelana mathata a rōna. Re lokela ho arolelana se re khathatsang. Re lokela ho ikutloa hore ho na le motho lefatšeng ea ratang ho mamela le ea utloisisang.”

Ho hlakile hore ha ho motho ea ka khotsofatsang tlhoko ena ka ho felletseng. Ka baka la litekanyetso tsa nako le ka mabaka a mang, batho bao re ba tšepang ba ka ’na ba ba sieo ha re ba hloka haholo, kapa re ka ’na ra tsila-tsila ho buisana ka litaba tse ling esita le ho metsoalle ea rōna e haufi haholo.

Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba ke ke ba lula ho se motho ea ba mamelang ka ho felletseng, hobane mocha oa thapelo ka mehla o bulehile. Khafetsa Bibele e re khothalletsa ho rapela Molimo, ’Mōpi oa rōna, oo lebitso la oona e leng Jehova. Re laeloa ho rapela ka tieo, ka lebitso la Jesu, le tumellanong le thato ea Molimo. Esita le litaba tsa botho le tsa lekunutu ka nepo li ka akarelletsoa thapelong. Ho Ba-Filippi 4:6 rea bolelloa: “Nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo.” Ke mpho e babatsehang hakaakang! ’Musi Morena oa bokahohle ba rōna ka mehla o ikemiselitse ho amohela lithapelo tsa bahlanka ba hae ba ikokobelitseng neng le neng ha ba lakatsa ho mo atamela.—Pesaleme ea 83:18; Mattheu 6:9-15; Johanne 14:13, 14; 1 Johanne 5:14.

Leha ho le joalo, na kannete Molimo oa mamela? Ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ebe matla a thapelo a lekanyelitsoe feela bokhelekeng ba motho: Motho oa rapela, o lokolisa likhopolo tsa hae ’me o li hlahisa ka mantsoe. Ha a se a hlalositse bothata ba hae ka tsela eo, o batla tharollo e loketseng ’me o lemoha lintho tsohle tse ka tlatsetsang ho e fumaneng. Ha bothata ba hae bo rarollotsoe, a ka neha Molimo tlotla, empa ha e le hantle ke kelello le boiteko ba hae tse hlahisitseng liphello tse lakatsehang.

Kajeno ba bangata ba nahana hore seo ke sona feela se hlileng se amehang thapelong. Na u nahana joalo? Na matla a thapelo a lekanyelitsoe ka tsela eo? Ke ’nete hore boiteko ba motho ba kelello le ’mele tumellanong le lithapelo tsa hae bo phetha karolo ea bohlokoa ho fumaneng likarabo. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka karolo ea Molimo tabeng? Na Molimo oa u mamela ha u rapela? Na o nka lithapelo tsa hao e le tsa bohlokoa, o nahanela seo li se fupereng le ho li araba?

Likarabo tsa lipotso tsena ke tsa bohlokoa. Haeba Molimo o sa ele hloko lithapelo tsa rōna, joale thapelo ke ea bohlokoa feela kamanong le boikutlo. Ka lehlakoreng le leng, haeba Molimo o amohela ebile o mamela ka thahasello lithapelo tsa rōna ka bomong, re lokela ho leboha hakaakang ka tokisetso eo! E lokela ho re susumelletsa ho sebelisa tokisetso eo letsatsi le leng le le leng.

Ka hona re u mema hore u ’ne u tsoele pele u bala ha ho ntse ho tšohloa litaba tsena sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela