Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 5/15 leq. 32
  • Mollo o Susumelletsa Basebetsi ho Qalisa Lenaneo la Kaho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mollo o Susumelletsa Basebetsi ho Qalisa Lenaneo la Kaho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 5/15 leq. 32

Mollo o Susumelletsa Basebetsi ho Qalisa Lenaneo la Kaho

“HA E CHA mok’huk’hu ha sala masenke! Holo ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova ea cha!” Mohoo oo o tšosang o ile oa utloahala ka Labohlano le leng motšehare oa mantsiboea ka October 1989 Heerenveen, toropong e karolong e ka leboea ho Netherlands.

Lipaki tsa Jehova li ne li sebelisitse Holo ena ea Kopano ka lilemo tse 11. Hoo e ka bang mafelo-beke a mang le a mang, batho ba makholo-kholo ba ne ba ’nile ba bokana moo bakeng sa ho tšoara kopano ea potoloho kapa kopano ea letsatsi le le leng le khethehileng. E ne e bile sebaka se khotsofatsang sa ho fumana thuto ea Bibele.

Ho ile ha etsahala kotsi ha ho ntse ho etsoa mosebetsi marulelong a holo. Hoo e ka bang ka mor’a metsotso e seng mekae feela, tsietsi ena e ile ea chesa holo eo lore. Leha ho le joalo, ka thabo ha ho motho ea ileng a tsoa kotsi.

Li saretsoe ka baka la tahlehelo ena empa li sa nyahama, Lipaki li ile tsa etsa litokisetso tsa ho aha holo e ncha sebakeng se seng. Li ile tsa fumana setša se loketseng Swifterbant, profensing ea Flevoland. Ke sehleke-hleke se seholo se neng se le naheng eo pele e neng e le Zuider Zee, limithara tse hlano ka tlaase ho bophahamo ba leoatle.

Ka January 1991 ho ile ha hlajoa mokhosi oa hore ho qalisoe kaho ea Holo e ncha ea Kopano. E ne e tla ahoa pakeng tsa May le September 1991. Lipaki tse makholo-kholo li ile tsa ithaopela ho sebetsa setšeng sena, ’me bahlankana ba itseng ba ile ba talima morero ona oa kaho e le monyetla oa ho sebeletsa Jehova Molimo ka nako e tletseng. Basebetsi ba bangata ba ile ba tla ba tsoa Belgium le Engelane.

Ka hona ho ile ha ahoa moaho o ahiloeng ka bokhabane. Holo ea oona le sebaka seo ho rekisetsoang lijo ho sona li arohanntsoe ka koteise e ruletsoeng ka khalase. Ka Holong e khōlō ho lula batho ba 1 008, ’me ba bang ba 230 ba ka shebella lenaneo ho li-screen tsa thelevishene ba le holong e haufi.

Kajeno, ba likete-kete ba ntse ba re: ‘Tloong, a re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ’me o tla re ruta litsela tsa hae.’ (Esaia 2:2, 3) Holo ena e ncha ea Kopano ke se seng sa libaka tse ngata tseo ho tsona ho fanoang ka thuto e joalo ea moea. Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa heno ke se seng sa tsona. Ha u ka ea teng u tla fumana kamohelo e mofuthu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela