Ba Ile ba Tla ho sa Tsotellehe Maemo a sa Thabiseng le ho Hlaheloa ke Kotsi
LETSATSI e ne e le la January 2, 1992. Sebaka—Maxixe, Profensing ea Inhambane. Melumo ea Afrika ea bosiu Mozambique e ile ea sitisoa hang ha ho letsoa sea-le-moea. Mophatlalatsi oa litaba o ile a tsebisa: “Lipaki tsa Jehova li tla tšoara Kopano ea tsona ea ‘Barati ba Tokoloho’ profensing ea rōna. Morero oa tsona ke ho ruta batho kamoo ba ka fumanang tokoloho ea ’nete lefatšeng la kajeno. Bohle ba lokolohile ho ba teng.”
Karolong eo e hōle ea Afrika, ho ne ho etsahala ho hong ho neng ho tla lula ho hopoloa! Ka lekhetlo la pele, ho ne ho tla tšoaroa kopano ea setereke ea Lipaki tsa Jehova, ’me batho ba 1 024 ba bile teng ho e thabela. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, le ka mohla ketsahalo e tjena e ne e ke ke ea etsahala ka bolokolohi bo joalo Mozambique, kaha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe nakong eo. Na u ka rata ho utloa ka ho itela ho sebete ho ileng ha etsoa ke ba bileng teng kopanong ena?
Joaloka likarolo tse ling tse ngata Afrika, Profensi ea Inhambane e ntle haholo. Liketsoana tsa ho tšoasa litlhapi tse tšoanang le tsa Maarabia li sesa ka masela a likhutlo li tharo leoatleng thōko ho lebōpo la leoatle. Lifate tse telele tsa litholoana tsa lipalema li ngata. Empa ntho e mpe le e nyarosang e ntse e kekela libakeng tse mahaeng: ntoa ea lehae!
Bakeng sa ba robetseng mekhorong ea mahlaku a palema lihoreng tsa hoseng haholo, ke ho tloaelehileng ho tsosoa ke ho luma ho reng boom-boom-boom hoa lithunya tse khōlō libakeng tse mahaeng tse haufinyane ha ntoa e ntse e kupa ka morung har’a bosiu. Hangata ke baahi ba se nang molato ba utloang bohloko. Ka linako tse ling bana ba bonoa ba qhiletsa hobane ba se na leoto le leng kapa le khaotsoe. Esita le tse ling tsa Lipaki tsa Jehova li na le mabali lifahlehong le ’meleng ka baka la litlhokofatso tse sehlōhō tseo li fetileng ho tsona.
Tlas’a maemo ana Kopano ea “Barati ba Tokoloho” e ile ea ananeloa ka ho teba ke bohle ba bileng teng. Ho sa tsotellehe ho lalloa ho ka etsahalang tseleng e eang kopanong, lihlopha tse ngata tsa malapa tse tsoang libakeng tse mahaeng li ne li ikemiselitse ho tla. Hape ho fihla moo ho ne ho se bonolo, kaha bongata ba lipalangoang tsa sechaba ke literaka tse khōlō tse sa sireletsoang ka morao. Ka linako tse ling bapalami ba ka bang 400 ba petetsana ka terakeng e le ’ngoe! Literaka tse ’maloa ho tsena li salana morao li tsamaea ’moho li sirelelitsoe ke masole a hlometseng.
Nora le barali ba hae ba bararo, ea selemo se le seng, ea lilemo li tharo, le ea lilemo li tšeletseng, ke lelapa le leng le ileng la beha bophelo ba lona kotsing ka ho tsamaea ka mokhoa ona. O ne a bolokile chelete likhoeli tse ngata pele ho nako hore a tsebe ho lefella leeto. Ha a ka a nyahamisoa ke hore ebe ha ho na sebaka sa marobalo se lokiselitsoeng kopanong. Nora le lelapa la hae hammoho le ba bang ba bangata, ba ile ba pheha, ba ja, le ho robala lebaleng le bulehileng hona moo setšeng sa kopano.
Esita le mocheso o tšabehang oa sebakeng seo o ileng oa lateloa ke lipula tsa litloebelele ha lia tapisa nyakallo e khōlō ea baena ba thabelang mokete oa lijo tsa moea hammoho. Ba ne ba ikutloa hore ha ho letho leo e leng la bohlokoa ho feta ho ba teng kopanong eo. Kakaretso ea batho ba 17 e ile ea bontša boinehelo ba bona metsing a futhumetseng a Leoatle la Indian. Ha kolobetso e ntse e tsoela pele, letšoele le leholo la bashebelli ba thabileng le ile la susumelletseha ka nako e le ’ngoe ho binela Jehova lithoriso.
Ka ’nete sehlopha sena sa barapeli se ile sa fumana hore na ho ba barati ba tokoloho ea bomolimo ke ntho e joang. Hans, moemeli ea tsoang motse-moholo Maputo, o itse: “Re bone feela ho qaleha ha mosebetsi o mocha oa Lipaki tsa Jehova karolong ena ea Afrika.”