Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 12/1 leq. 32
  • “Joale ka Tau e Purumang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Joale ka Tau e Purumang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 12/1 leq. 32

“Joale ka Tau e Purumang”

NA UA lumela hore Satane o teng? Kajeno, ba bangata ha ba lumele. Ho bonahala ba lumela hore tumelo e joalo “e hanana le saense.” Esita le morao ka 1911, Encyclopædia Britannica e ile ea re: “Saense e hlalositse liketsahalo tsa ka ntle ho tlhaho le tsa bophelo bo ka hare ba motho hoo e sa sieang sebaka bakeng sa mesebetsi ea Satane.” Baruti ba thuto ea bolumeli ba bolela hore Satane e mpa feela e le letšoao, tšōmo. The World Book Encyclopedia e re: “Baruti ba bangata ba thuto ea bolumeli ba morao tjena ba nka Diabolose e le letšoao la matla a bokhopo, la litšoaneleho tse mpe ka ho fetisisa tsa moloko oa batho.”

Leha ho le joalo, linnete ke life? Haeba u lumela Bibeleng, u lokela ho lumela hore Satane o teng. Jesu ha aa ka a lumela feela hore u teng empa o ile a ’mitsa “morena oa lefatše lena.” (Johanne 14:30) Moapostola Pauluse o ile a bitsa Satane “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Korinthe 4:4) Moapostola Johanne ea neng a tsofetse o ile a re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.”—1 Johanne 5:19.

Haeba u sa lumellane le Johanne, nahana ka histori ea morao tjena. Nahana ka lihlopha tse bolaeang le tšebeliso ea tlhokofatso ea mebuso. Hopola lintoa le ho timetsoa ha merabe hoo moloko oa rōna o fetileng tlas’a hona. ’Me ho thoe’ng ka litlōlo tsa molao tse mpe tseo e leng lihlooho tsa litaba likoranteng tsa rōna—lipolao tsa lihlopha, ho betoa, lipolao tse latellanang, ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali, ha re bolela tse seng kae feela? Na ho ka etsahala hore mang kapa mang ka ntle ho Satane ebe ke molimo oa lefatše lee?

Moapostola oa Mokreste Petrose o ile a eletsa: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” (1 Petrose 5:8) Haeba tau e ne e solla motseng oa heno, na u ne u tla lula u botsa hore e teng kapa che? Kapa u ne u tla baleha bakeng sa ho fumana tšireletso?

Kholiseha hore Satane o teng. Ha a na mohau ’me o khopo, ’me o matla ho re feta. Kahoo tšabela ho Ea matla le ho feta. “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.” (Liproverbia 18:10) Tšabela ho Jehova Molimo, ’me u tsebe hore haufinyane batho ba tla lokolloa tšusumetsong ea ea khopo, Satane. E tla ba tokollo e thabisang hakaakang!—Tšenolo 20:1-3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela