Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 12/15 leq. 32
  • Ho Bolela Esale Pele Bokamoso ba Moruo oa Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela Esale Pele Bokamoso ba Moruo oa Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 12/15 leq. 32

Ho Bolela Esale Pele Bokamoso ba Moruo oa Lefatše

HO HLOKA botsitso ha ’maraka ea moruo le ho hloka tšepo ho bahlopholli ba ileng ba hlōleha ho bolela esale pele ho oa ha ’maraka o laolang moruo ka 1987 ho entse hore bo-rakhoebo ba bang ba retelehele boleping ba linaleli bakeng sa ho bolela esale pele bokamoso ba bona ba lichelete, ho bolela makasine oa London Accountancy Age. Makasine oo o hlokomela hore “balepi ba linaleli litabeng tsa lichelete ba ntse ba fumana letoto le hlollang la batho ba hlomphehang ba kōpang thuso ho bona bakeng sa ho bolela esale pele ka lintlha tsohle ka ’maraka ea bona.”

Moeletsi e mong o bapisa litsamaiso tseo a li bonang ka lilemo tse 30 tsa boitsebiso ba chelete ba letsatsi le letsatsi le ho tsamaea ha liplanete. O fana ka ponelo-pele ea hae motheong ona. Le hoja batho ba bangata ba batlang thuso ea hae ba ne ba le leqe ho mamela keletso ea hae pele ho 1987, hona joale o fumana hore esita le bo-ralichelete ba hlooho li thata ba ikemiselitse ho mamela.

Molepi e mong oa lichelete o ngola lichate tse thehiloeng matsatsing a tsoalo ho batla boitšoaro ba motho esita le ho batla “litlhahiso tsa ho lekanyetsa nako e loketseng ea ntlafatso ea khoebo.” Empa e mong o lumela hore ho se tsitse ha ’maraka oa silivera ho latela tsamaiso ea khoeli. Empa ha a bapisoa le bahlopholli ba tloaelehileng ba lichelete, molepi enoa o fumana hore ba tlang ho eena bakeng sa ho kōpa thuso ba mo fa “monyetla o fokolang oa ho etsa phoso.”

Leha ho le joalo, ho na le ponelo-pele ea lichelete eo ntle le pelaelo e tlang ho netefala, ’me ho hang ha e amane le bolepi ba linaleli. Ponelo-pele ena e tlalehiloe ka Bibeleng ’me e bululetsoe ke Jehova, Molimo ea sa ipheng “monyetla oa ho fosa.” Ke “Molimo o sa thetseng.” (Tite 1:2) O ile a etsa hore moprofeta oa hae Ezekiele a bolele: “Ba lahlela silivera ea bona literateng, ’me gauda ea bona e tla ba litšila feela; silivera le gauda tsa bona ha li na matla a ho ba pholosa.”—Ezekiele 7:19.

Hoo ho tla etsahala neng? Nakong ea “mahlomola a maholo” e boletsoeng esale pele ke Jesu Kreste, eo Ezekiele a ileng a e bitsa “letsatsi la khalefo ea Jehova.” (Mattheu 24:21; Ezekiele 7:19) Katleho ea lichelete e ke ke ea tiisa pholoho, ho sa tsotellehe hore na balepi ba bangata ba linaleli ba bolela eng. Ke ho tšepa Jehova Molimo feela, Molopolli e Moholo, ho ka tiisang tšireletseho nakong ena ea pherekano ea lefatše lohle eo ho senyeha hohle ho tla felisoa—lipolotiking, bolumeling, le khoebong.—Liproverbia 3:5, 6; Sofonia 2:3; 2 Petrose 2:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela