Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 1/1 leq. 32
  • “Paki e Tšepahalang Maholimong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Paki e Tšepahalang Maholimong”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 1/1 leq. 32

“Paki e Tšepahalang Maholimong”

PELE motho oa pele a ba teng lefatšeng, khoeli e ’nile ea chaba ka khanya ea eona leholimong bosiu. Ka nako e ’ngoe ba bangata ba ne ba e rapela joaloka molimotsana. Mongoli oa Mogerike Plutarch o ile a bolela hore e ne e le sebaka sa ho qetela seo liphefumolohi tse hloekileng li eang ho sona ka morao ho lefu. Thutong ea litšōmo ea Baltic khoeli e ne e le monna, monna oa letsatsi. Li ile tsa ba le mathata a lenyalo, eaba khoeli e baleha mosali oa eona, e hlaha ka seoelo le eena maholimong!

Kajeno, baratani ba bacha—le ba seng ba hōlile—ba talima khoeli ebe ba nahana menahano ea lerato. Ka bo-1960 bo-rasaense ba ile ba sebelisa lichelete tse ngata bakeng sa ho beha motho khoeling ’me a khutle le lik’hilogramo tse seng kae tsa lejoe bakeng sa lipatlisiso. Ntho e le ’ngoe ka khoeli e tiile. Letsatsi le letsatsi, hantle ho latela kemiso, e tla chaba e likele. E tšepahala haholo lipotolohong tsa eona hoo re ka lekanyetsang hore na e ne e le libōpehong life hape e tširiloe ke letsatsi neng lilemo tse likete tse fetileng.

Ha Baiseraele ba talima khoeli, ba ne ba hopola ho hong ho babatsehang. Molimo o ile a tšepisa hore lesika la borena la Morena Davida le ne le ke ke la feta. O ile a re: “Joaloka khoeli e [peō ea Davida] tla tiea ka ho sa feleng, le joalo ka paki e tšepahalang maholimong.” (Pesaleme ea 89:35-37, NW) Tšepiso ena e ile ea phethahatsoa ka Jesu, “mor’a Davida.” (Luka 18:38) Ka mor’a lefu la hae Jesu o ile a tsosoa e le sebōpuoa sa moea se sa shoeng ’me a nyolohela leholimong. (Liketso 2:34-36) Ka mor’a nako o ile a hlomamisoa e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo. (Tšenolo 12:10) Hona joale ’Muso oo oa busa ’me “o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Ka tsela ena Jesu, moemeli ea sa shoeng oa lesika la borena la Davida, o tla ba teng ka nako e lekanang le ea khoeli, “paki e tšepahalang maholimong.”

Kahoo, lekhetlo le leng le le leng ha u bona khoeli e chabile ka khanya ea eona leholimong bosiu, hopola tšepiso ea Molimo ho Davida ’me u lebohe hore ebe ’Muso oa Molimo oa busa hona joale le hore o tla busa ka ho sa feleng, tlotlisong ea Molimo le bakeng sa tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ea batho ba tšepahalang.—Tšenolo 11:15.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Frank Zullo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela