Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 3/1 leq. 32
  • “Pele Lithaba li E-ba Teng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Pele Lithaba li E-ba Teng”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 3/1 leq. 32

“Pele Lithaba li E-ba Teng”

“U’NILE oa ba setšabelo sa rōna melokong eohle. Pele lithaba li e-ba teng kapa u hlahisa qitikoe ea lefatše le lefatše le batho, ho tloha ho bo-sa-feleng ho isa ho bo-sa-feleng ke uena Molimo.” (Pesaleme ea 90:1, 2, New International Version) Mantsoe ao a neng a lebisitsoe ho ’Mōpi oa rōna, kea tšelisang hakaakang—haholo-holo kajeno, ha ho se letho le bonahalang le tsitsitse!

Boemong bona ba moruo o oang, ke ba seng bakae feela ba ikutloang ba e-na le tšepo ka bokamoso. Keketseho e tšosang ea tlōlo ea molao le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi li fetotse metse e meng e meholo mabala a ntoa. Esita le tokisetso ea khale haholo, lelapa, e-ea thekesela. Re utloa ka lintho tse sa tloaelehang joaloka malapa a basodoma. Malapa ao ho nang le motsoali a le mong ho ’ona, eo hangata a lokelang ho sebetsana le khatello e khōlo, a ntse a eketseha. Khotso ea malapa a mangata e lukiloe ke lintho tse nyonyehang tse kang ho otloa ha balekane ba lenyalo le tšoaro e mpe ea bana.

Ke mang ea tla re tataisa linakong tsena tse thata? Koana, litsebi tsa kelello, barupeli, le ba bang ha ba haelloe ke ho fana ka likeletso, empa tse ngata lia hanyetsana. Bakeng sa moloko ’ohle oa linaha tsa Bophirimela Dr. Benjamin Spock e ne e le eena moeletsi ea ka sehloohong litabeng tsa ho ruta bana. Joale o ile a lumela hore keletso ea hae e ne e fositse!

Ke ho bohlale hakaakang ho etsa Molimo “setšabelo” sa rōna! Linakong tsena tse tletseng merusu, ke lefika le tsitsitseng, ha esale a le teng “ho tloha ho bo-sa-feleng ho isa ho bo-sa-feleng.” Ka moprofeta Malakia o ile a ipolela tjena: “Ke ’na Jehova; ha ke ea fetoha.” (Malakia 3:6, NW) Litekanyetso tsa Molimo, joalokaha li tlalehiloe ka Bibeleng, li tšepahala ka ho feletseng. O bile teng “pele lithaba li e-ba teng,” ’me keletso ea hae, e fumanehang ka Mangolo a Halalelang e theiloe bohlaleng ba hae bo sa feleng. Ke sona hantle seo re se hlokang bakeng sa thabo le katleho.

Ka hona, ke bohlale ho ba le tšepo Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ithute lona u rue molemo bohlaleng ba Molimo. Tšepa seo u ithutang sona, le etse hore e be leseli le u khantšetsang tseleng ea bophelo. (Pesaleme ea 119:105) Ke ba etsang joalo feela ba nang le lebaka la ho ba le tšepo ka bokamoso le ho ba le khotso ea ’nete ea kelello.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela