Kolobetsa! Kolobetsa! Kolobetsa!—Empa Hobane’ng?
“NAKONG ea likhoeli tse seng kae ke se ke kolobelitse banna, basali, le bana ba fetang likete tse leshome.” Ke kamoo ho ileng ha ngola moromuoa oa Mojesuite Francis Xavier mabapi le mosebetsi oa hae ’musong oa Travancore, India. “Ke ne ke tsamaea ka motse le motse ’me ke ba etsa Bakreste. ’Me hohle moo ke neng ke ea teng ke ne ke siea kopi ea lithapelo tsa rōna le melao ka puo ea sebaka seo.”
Morena John oa Portugal a khahluoe haholo ke mangolo a Francis Xavier, o ile a laela hore a balloe holimo sefaleng se seng le se seng ’musong oa hae. Lengolo la January 1545 le qotsitsoeng le boetse la amoheloa hore le ka hatisoa. Phello e bile efe? Manfred Barthel bukeng ea hae The Jesuits—History & Legend of the Society of Jesus oa ngola: “Ka nako e khutšoaane liithuti tse ngata tsa Europe, ‘li ile tsa oa fatše ka mangole ’me tsa ntša likhapha tse chesang,’ tsa tlatsa lerata tsa bolela hore li ea India ho ea sokolla bahetene.” O ile a phaella: “Khopolo ea hore ho ka hlokahala batho ba ’maloa ba tla fafatsa ba bang ka metsi a halalelang le lipampitšana tse tletseng mokotla ho sokolla ’muso oohle ha ho bonahale e ne e tsejoa ke ba bangata linakong tseo.”
Ha e le hantle ke eng se ileng sa finyelloa ke ho sokolla batho ka bongata bo bokaalo? Mojesuite Nicolas Lancilloto ka ho hlokomela boemo ba litaba o ile a tlalehela Roma: “Bongata ba batho ba kolobelitsoeng bo na le sepheo se poteletseng. Makhoba a Maarab le Mahindu a tšepile hore a tla fumana tokoloho ka ho kolobetsoa kapa a sireletsoe ho monghali ea hatellang kapa hore feela a fumane seaparo se secha kapa katiba. Ba bangata ba kolobetsoa hore ba balehele kotlo. . . . Batho leha e le bafe ba susumetsoang ke ho kholiseha hoo e leng ha bona hore ba batle polokeho ka lithuto tsa rōna ba nkoa ba hlanya. Ba bangata baa koeneha ’me ba khutlela litloaelong tsa bona tsa nakong e fetileng tsa bohetene kapele ka mor’a hore ba kolobetsoe.”
Takatso ea ho sokolla le ho kolobetsa bahetene e ne e ratoa ke bahahlauli ba Europe ba nakong eo. Ho boleloa hore Christopher Columbus o ile a kolobetsa “Maindia” a pele ao a ileng a teana le ’ona ho la Caribbean. The Oxford Illustrated History of Christianity e re: “Leano la molao la ’Muso oa Spain le ne le hatella hore ho sokolla baahi ke ntho e tlang pele. Ho ea bofelong ba lekholo la bo16 la lilemo, Maindia a 7 000 000 ’musong oa Spain e ne e le Bakreste, ka mabitso feela. Moo re nang le lipalo tsa batho ba sokolotsoeng (Pedro de Gante, e leng mong ka Moemphera Charles V, ea ileng a tsamaea le baromuoa, o buile ka kolobetso ea batho ba 14 000 ka thuso ea motsoalle oa hae ka letsatsi le le leng), ho hlakile hore ho ne ho sa fanoe ka thuto e tebileng e etsoang esale pele.” Ho sokolla batho joalo ka mokhoa o bobebe hangata ho ne ho tsamaisana le ho tšoara baahi ba sebaka seo ka thata, ho ba hlekefetsa, le ho ba hatella.
Bohlokoa ba kolobetso bo ile ba susumetsa bahahlauli le baromuoa bana. Ka 1439, Mopapa Eugenius IV o ile a ntša taelo Lekhotleng la Florence e reng: “Kolobetso e Halalelang e tla pele har’a lintho tse halalelang, hobane ke monyako o isang bophelong ba moea; hobane ka eona re etsoa litho tsa Kreste ’me re etsoa ntho e le ’ngoe le Kereke. ’Me kaha ke ka motho a le mong lefu le keneng ho bohle, ntle leha re tsoaloa hape ka metsi le ka Moea o Halalelang, re ke ke ra kena ’musong oa Leholimo.”
Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha phapang tabeng ea hore na ke kolobetso ea mang e neng e nepahetse. The Encyclopedia of Religion e re: “Kaha kolobetso e ne e boetse e le ketso ea sehlooho ea ho kena kerekeng, ka potlako ho ile ha boleloa hore ke tokelo likerekeng tse ngata tse loantšanang, e ’ngoe le e ’ngoe e ipitsa hore ke tumelo ea ’nete ’me e qosa tse ling ka bokhelohi le ho hloka kutloano. Ho ne ho se kamoo ho ka qojoang ho feto-fetoha ha mekhoa ea ho kolobetsa ha lihlotšoana tse sa tšoaneng tsa bokhelohi.”
Leha ho le joalo, koboletso, ebile teng le pele ho tumelo ea Bokreste. E ne e etsoa Babylonia le Egepeta ea boholo-holo, moo metsi a batang a Nile ho neng ho nahanoa hore a eketsa matla ’me a fana ka bophelo bo sa feleng. Bagerike ba ne ba boetse ba lumela hore kolobetso e ne e le ho tsoaloa hape moeeng kapa e ne e tlisetsa mokolobetsuoa bophelo bo sa feleng. Sehlotšoana sa Bajode sa bokhelohi Qumran se ne se kolobetsa hore batho ba khone ho lula le bona. Ho ne ho hlokahala hore basokolohi ba Balichaba ba sokolohelang Bojodeng ba bolle ’me matsatsi a supileng hamorao ba kolobetsoe ka ho qoelisoa pel’a bashebelli.
Ka ho hlakileng, ha e sa le ho hatisoa bohlokoa ba kolobetso ho theosa le lilemo. Empa ho thoe’ng kajeno? Na ea hlokahala mehleng ee? Haeba ea hlokahala, hobane’ng? Ka sebele, na u lokela ho kolobetsoa?