Ketsahalo ea Bohlokoahali Historing
Hobane’ng ho le joalo? Ketsahalo e ne e le lefu la Jesu Kreste.
E ile ea sebeletsa ho tlosa qoso bobusing ba Molimo le ho paka hore batho ba ne ba ka boloka botšepehi bo phethahetseng ho Molimo. E buletse moloko oa batho tebello ea ho fumana bophelo bo sa feleng maemong a paradeise. Jesu ka boeena o ile a theha sehopotso sa lefu la hae bosiung ba pele a e-shoa.
E ne e le mokete o itekanetseng. Ha o ntse o tsoela pele, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19, 20) Na u tla hopola? Lipaki tsa Jehova li u memela hore u be le tsona ho ketekeng ketsahalo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa historing. Monongoaha letsatsi ke Labobeli, April 6, ka mor’a hore letsatsi le likele.
Ka kōpo botsa Holong ea ’Muso e haufi le uena mabapi le nako le sebaka se nepahetseng. Ha ho likoleke tse tlang ho nkuoa, ’me baeti ba memeloa ho tla mamela puo e rutang le ho tla lebella liketsahalo tse bonolo.