Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 6/15 leq. 32
  • Na U ka Tšepa Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Tšepa Bibele?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 6/15 leq. 32

Na U ka Tšepa Bibele?

HAEBA u nka Bibele ’me u e phahamisetsa holimo, na u ne u tla lebella ho fumana chelete ea tšepe? Ho thoe’ng ka chelete ee ea tšepe ea silevera ea boholo-holo?

Ba bangata ba nahana ka Bibele e le buka ea khale e fanang ka lipale tse ntle le mekhoa e ratehang. Leha ho le joalo, ha ba lumele hore litlaleho tsa Bibele ke histori e nepahetseng, ka hona ba latola hore ke Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo fetang bo hlokahalang ba ho nepahala ha Bibele. Chelete ena ea tšepe (setšoantšo se holisitsoeng) ke mohlala o motle. Mongolo oo o re’ng?

Chelete ena ea tšepe e entsoe Tarese, motse o karolong e ka boroa-bochabela ho seo e leng Turkey hona joale. Chelete ena ea tšepe e ile ea hlahisoa nakong ea puso ea ’musisi oa Persia Mazaeus lekholong la bone la lilemo B.C.E. E mo khetholla e le ’musisi oa profensi “e Mose Oane ho Nōka,” ke hore, Nōka ea Eufrate.

Empa ke hobane’ng ha poleloana eo e thahasellisa? Hobane u tla fumana tlhaloso e tšoanang ka Bibeleng ea hao. Esdrase 5:6–6:13 e bolela ka tumellano pakeng tsa morena oa Persia Dariuse le ’musisi ea bitsoang Thathnai. Ho neng ho etsahala e ne e le ho tsosolosoa ha tempele ea Bajode Jerusalema. Esdrase e ne e le mokopitsi ea masene oa Molao oa Molimo, ’me u ka lebella hore ebe o ile a nepisisa seo a se ngolang. U tla bona ho Esdrase 5:6 le 6:13 (NW) hore o ile a bitsa Thathnai “’musisi oa naha e mose oane ho Nōka.”

Esdrase o ngotse seo hoo e ka bang ka 460 B.C.E., lilemong tse ka bang 100 pele chelete ena ea tšepe e etsoa. Ho na le batho bao mohlomong ba ikutloang hore polelo e khethehileng joalo e buang ka ’musi oa boholo-holo ke taba e nyenyane. Empa haeba u ka itšetleha ka bangoli ba Bibele esita le litabeng tse nyenyane joalo, na hoo ha hoa lokela ho eketsa tšepo ea hao linthong tse ling tseo ba li ngotseng?

Lihloohong tse peli tse qalang tokollong ena, u tla fumana mabaka a eketsehileng bakeng sa tšepo e joalo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Collection of Israel Dept. of Antiquities Exhibited & photographed Israel Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela