Tlala ea Sekoboto e Boletsoeng Esale Pele
LILEMONG tsa morao litšoantšo tse tšabehang tsa tlala ea sekoboto li fetohile tse tloaelehileng habohloko litlalehong tsa litaba tsa lefatše. Ho tloha Ethiopia le libakeng tse ling ho bile le litšoantšo tsa batho ba utloang bohloko tse ke keng tsa lebaleha. Ka 1992 tlhokomelo ea lefatše e ile ea lebisoa ka ho feletseng ho batho ba Somalia ba hlasetsoeng ka sehlōhō ke tlala ea sekoboto, e bakiloeng ke komello le ntoa. Ka September 1992, International Herald Tribune e ile ea tlaleha: “Ha ho ea tsebang hore na ho shoele batho ba bakae ba Somalia, empa Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o beha palo eo ka holimo ho ba 100 000. Ba makholo, haeba e se ba likete, ba shoa letsatsi le leng le le leng.”
Lipalo-palo ka sebele ha li fetise bomalimabe le bohloko ba batho ka bomong ba amehang. Yvette Pierpaoli moemeli oa Europe oa Mokhatlo oa Baphaphathehi oa Machaba, o ile a ngola tjena makasineng oa UN Refugees: “New York kapa Geneva, taba ea baphaphathehi e hlaha ka ho hlakileng hantle; lipalo-palo tse bontšitsoeng li na le bo-ha-ho-letho ba bangata hoo ho leng thata ho li utloisisa. Empa hōle [lik’hilomithara] tse likete, meeling ea linaha tseo ho seng ho se na taolo, u tsitsipana habohloko maikutlong ’me palo e khōlō ea ba utloang bohloko e etsa hore u batle ho lla.”
Le hoja Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o bolela hore boiteko ba oona ba ho thusa Somalia bo ipaka e le bo boholo ka ho fetisisa tšebetsong eo o kileng oa e etsa ea ho fana ka thuso ea litlhoko tsa botho, bashebelli ba bangata ba belaela ka hore ho bonahala ka kakaretso ho na le thuso e fokolang haholo, le e etsoang e se e le morao haholo. Pierpaoli o ile a tletleba ka hore: “Linaha tse ’nileng tsa fana ka lithuso li leqe ho tsoela pele, li khathetse ke ho tšehetsa Afrika e ntseng e khaoha litsekana. . . . Li beha molato ho Maafrika ka lebaka la tlhokomelo e mpe ea tsamaiso, meharo ea baeta-pele ba ’ona, le liqhoebeshano tseo ho bonahalang eka li ke ke tsa fela.”
Bibele e ile ea bolela esale pele ka nako eo ho neng ho tla ba le khaello ea lijo “ka nģa tse ngata.” Likhaello tsena tsa lijo, hammoho le liketsahalo tse ling tse ngata, tse kang lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, le mafu, li bontša hore ’Muso oa Molimo o haufi. (Luka 21:11, 31) Bibele e tsoela pele ho bontša hore tlas’a ’Muso ona oa Molimo o lokileng, ho tla ba le matletse-tletse a lijo bakeng sa moloko oohle oa batho. Mopesaleme o ngotse: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase joale ka merokoli e lumang Lebanone.”—Pesaleme ea 72:16.